Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gl maq. 26-27
  • Greece le Roma li Susumetsa Bajuda

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Greece le Roma li Susumetsa Bajuda
  • ‘Bona Naha e Ntle’
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Roma
  • Batho ba Molimo ba Khutlela Naheng ea Habo Bona
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Linaha Tsa Bibele
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Mebuso e Hlasela Naha e Tšepisitsoeng
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Bokreste bo Namela Linaheng Tse Ling
    ‘Bona Naha e Ntle’
Bala Tse Ling
‘Bona Naha e Ntle’
gl maq. 26-27

Greece le Roma li Susumetsa Bajuda

’Muso oa Greece

KHŌLO ea se ileng sa fetoha ’Muso oa Greece e ile ea qala lithabeng tsa Macedonia. Lithabeng tseo, Alexandere o ile a qala ho nahana ho hapa linaha tse ka bochabela ha a le lilemo tse fetang 20. Ka 334 B.C.E., o ile a lebisa lebotho la hae ka mose ho Hellespont (Dardanelles), e arolang Europe le Asia. Joaloka “lengau” le laimang, Bagerike ba tlas’a Alexandere ba ile ba qala liphutuho tse latellanang tsa khapo e potlakileng. (Dan 7:6) Alexandere a hlōla Bapersia haufi le Troy, lithoteng tsa Nōka ea Granicus, ’me a ba hlōla ka ho feletseng Issus.

Bagerike ba ile ba hlasela Syria le Foenisia, ba hapa Tyre ka mor’a ho e thibella ka likhoeli tse supileng. (Eze 26:4, 12) Alexandere o ile a tlohela Jerusalema ’me a hapa Gaza. (Zak 9:5) Ha a fihla Egepeta, a theha Alexandria, e ileng ea fetoha setsi sa khoebo le thuto. O ile a boela a feta Naheng e Tšepisitsoeng ’me a boela a qhalakanya Bapersia, Gaugamela, haufi le lithako tsa Ninive.

Alexandere o ile a leba boroa ho ea hapa Babylona, Shushane (Susa), le Persepolise—litsi tsa tsamaiso tsa Persia. Eaba o feta ka potlako sebakeng se tlas’a puso ea Persia, ’me o fihla Nōkeng ea Indus ho seo kajeno e leng Pakistan. Ka lilemo tse robeli feela, Alexandere o ile a hapa boholo ba lefatše le neng le tsejoa ka nako eo. Empa ka 323 B.C.E., ha a le lilemo li 32, o ile a bolaoa ke malaria Babylona.—Dan 8:8.

Tšusumetso ea Bagerike Naheng e Tšepisitsoeng e ne e le matla. Ba bang ba kileng ba sebeletsa lebothong la Alexandere ba ile ba lula sebakeng seo. Lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le selekane sa metse e buang Segerike (Dekapolise). (Mat 4:25; Mar 7:31) Mangolo a Seheberu a ne a se a fumaneha ka Segerike. Sekoine (Segerike se tloaelehileng) e ne e le puo ea machaba eo ho ka phatlalatsoang lithuto tsa Bokreste ka eona.

’Muso oa Roma

Ho ne ho ntse ho etsahala’ng ka bophirimela? Roma—eo pele e neng e le sehlopha sa metse e haufi le Nōka ea Tibere—e ile ea e-ba bohlokoa haholoanyane. Qetellong, sesole se matla sa Roma le puso ea eona ea lipolotiki li ile tsa e nolofalletsa ho ripitla libaka tse laoloang ke balaoli ba bane ba Alexandere. Ka 30 B.C.E., ka ho hlakileng ’Muso oa Roma o ne o le matla, e leng pontšo ea pele ea ‘sebata se tšosang’ seo Daniele a se boneng ponong.—Dan 7:7.

’Muso oa Roma

’Muso oa Roma o ne o namme ho tloha Brithani ho ea fihla Afrika Leboea, ho tloha Leoatleng la Atlantic ho ea fihla Koung ea Persia. Kaha ‘muso ona o ne o lika-likelitse Leoatle la Mediterranean, Baroma ba ne ba le bitsa Mare Nostrum (Leoatle la Rōna).

Roma le eona e ile ea susumetsa Bajuda, bao naha ea bona e neng e le karolo ea ’Muso oa Roma. (Mat 8:5-13; Lik 10:1, 2) Jesu o ile a kolobetsoa ’me a shoa nakong ea puso ea Moemphera Tiberiuse. Babusi ba bang ba Roma ba ile ba hlorisa Bakreste ka sehlōhō empa ha baa ka ba felisa borapeli ba ‘nete. Ka mor’a lilemo tse makholo a 13, ‘muso ona o ile oa hlaseloa ke meloko ea Majeremane ka leboea le bo-hloma-u-hlomole ka bochabela.

[’Mapa o leqepheng la 26]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

’Muso oa Greece

Ka mor’a Alexandere, balaoli ba hae ba bane ba ile ba laola ‘muso oo o moholo

▪ Cassander

▫ Lysimachus

○ Ptolemy I

• Seleucus I

A2 ▪ GREECE

A2 ▪ Athene

A2 ▪ AKAIA

A3 ○ Cyrene

A3 ○ LIBYA

B2 ▫ Byzantium

B3 ○ CYPRASE

B4 ○ No-amone (Thebes)

C3 Palmyra (Tadmore)

C3 ○ Gerasa

C3 ○ Filadelfia

C3 ○ Jerusalema

C5 ○ Siene

G2 • Alexandria Margiana

Tsela ea Alexandere

A2 ▪ MACEDONIA

A2 ▪ Pella

A2 ▫ THRACE

B2 ▫ Troy

B2 ▫ Sarda

B2 ▫ Efese

B2 ▫ Gordium

C2 ▫ Ankara

C3 • Tarsase

C3 • Issus

C3 • Antioke (ea Syria)

C3 ○ Tyre

C4 ○ Gaza

B4 ○ EGEPETA

B4 ○ Memfise

B4 ○ Alexandria

A4 ○ Sebaka se Setalana sa Siwa

B4 ○ Memfise

C4 ○ Gaza

C3 ○ Tyre

C3 ○ Damaseka

C3 • Aleppo

D3 • Nisibis

D3 • Gaugamela

D3 • Babylona

E3 • Shushane

E4 • PERSIA

E4 • Persepolise

E4 • Pasargadae

E3 • MEDIA

E3 • Ekbatana

E3 • Rhagae

E3 • Hecatompylos

F3 • PARTHIA

G3 • ARIA

G3 • Alexandria Areion

G3 • Alexandria Prophthasia

F4 • DRANGIANA

G4 • ARACHOSIA

G4 • Alexandria Arachosiorum

H3 • Kabul

G3 • Drapsaca

H3 • Alexandria Oxiana

G3 • Drapsaca

G3 • BACTRIA

G3 • Bactra

G2 • Derbent

G2 • SOGDIANA

G2 • Maracanda

G2 • Bukhara

G2 • Maracanda

H2 • Alexandria Eschate

G2 • Maracanda

G2 • Derbent

G3 • Bactra

G3 • BACTRIA

G3 • Drapsaca

H3 • Kabul

H3 • Taxila

H5 • INDIA

H4 • Alexandria

G4 • GEDROSIA

F4 • Pura

E4 • PERSIA

F4 • Alexandria

F4 • CARMANIA

E4 • Pasargadae

E4 • Persepolise

E3 • Shushane

D3 • Babylona

[Libaka tse ling]

A3 KRETA

D4 ARABIA

[Moo ho Nang le Metsi]

B3 Leoatle la Mediterranean

C5 Leoatle le Lefubelu

E4 Kou ea Persia

G5 Leoatle la Arabia

[Linōka]

B4 Nile

D3 Eufrate

D3 Tigris

G4 Indus

[’Mapa leqepheng la 27]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

’Muso oa Roma

A1 BRITHANI

A3 SPAIN

B1 GERMANIA

B2 GAUL

B2 ITALY

B2 Roma

B3 Carthage

C2 ILYRIKAME

C3 GREECE

C3 Actium

C3 Cyrene

D2 Byzantium (Constantinople)

D3 ASIA MINOR

D3 Efese

D3 Aleppo

D3 Antioke (ea Syria)

D3 Damaseka

D3 Gerasa (Jarashe)

D3 Jerusalema

D3 Alexandria

D4 EGEPETA

[Moo ho Nang le Metsi]

A2 Leoatle la Atlantic

C3 Leoatle la Mediterranean

D2 Leoatle le Letšo

D4 Leoatle le Lefubelu

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ka mor’a hore Ptolemy II a tsosolose Raba, o ile a e reha Filadelfia. Lithako tsa lebala le leholo la liketsahalo la Roma li ntse li le teng

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Motse oa Dekapolise oa Gerasa (Jarashe)

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Litsela tsa Roma, joaloka ena e haufi le Aleppo, li ne li kenella Europe, Afrika Leboea le Bochabela bo Hare. Bakreste ba ile ba tsamaea ka litsela tsena hore ba phatlalatse ‘nete ea Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela