Ho Ela Hloko ho Ile ha Pholosa Bophelo ba Bona
JESU KRESTE o ile a lemosa esale pele ka bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejuda eo setsi sa eona se neng se le tempeleng e Jerusalema. Ha aa ka a bolela letsatsi leo bo neng bo tla tla ka lona. Empa o ile a hlalosa liketsahalo tse neng li tla etella timetso eo pele. O ile a eletsa barutuoa ba hae hore ba lule ba lebetse le hore ba balehe sebakeng se kotsi.
Jesu o ile a re esale pele: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse.” O ile a boela a re: “Ha le re heli! ’me le bona ntho e nyonyehang e bakang lesupi . . . e eme sebakeng se halalelang, . . . joale ba leng Judea ba qale ho balehela lithabeng.” Jesu o ile a eletsa barutuoa ba hae hore ba se ke ba khutlela morao ho ea pholosa thepa ea bona. Ntho ea bohlokoa e ne e le hore ba balehe e le hore ba pholose bophelo ba bona.—Luka 21:20, 21; Matheu 24:15, 16.
E le ho thibela bofetoheli ba nako e telele, Cestius Gallus o ile a etella mabotho a Roma pele khahlanong le Jerusalema ka 66 C.E. O bile a kena motseng ’me a thibella tempele. Ho ile ha e-ba le pherekano ka har’a motse. Ba neng ba lutse ba lebetse ba ne ba ka bona hore tlokotsi e ne e le haufi. Empa na ba ne ba ka khona ho baleha? Ka ho sa lebelloang, Cestius Gallus o ile a ntša mabotho a hae. Marabele a Bajuda a ile a a beha merebele. Joale e ne e le nako ea ho baleha Jerusalema le Judea eohle!
Selemong se latelang, mabotho a Roma a ile a boea sekoele a eteletsoe pele ke Vespasian le mora oa hae Titus. Naha eohle e ile ea kena ntoeng. Mathoasong a 70 C.E., Baroma ba ile ba haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho potoloha Jerusalema. Ho ne ho se na tsela ea ho baleha. (Luka 19:43, 44) Mekha e ka har’a motse e ile ea bolaeana. Batho ba setseng ba ile ba bolaoa ke Baroma kapa ba isoa kholehong. Motse hammoho le tempele ea oona li ile tsa senngoa ka ho feletseng. Ho latela rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo, Josephus, Bajuda ba fetang milione ba ile ba utloa bohloko ’me ba bolaoa. Tempele eo ha e e-s’o ka e hahoa hape.
Haeba Bakreste ba ne ba ntse ba le Jerusalema ka 70 C.E., ba ka be ba ile ba bolaoa kapa ba etsoa makhoba hammoho le bohle ba neng ba le moo. Leha ho le joalo, bo-rahistori ba boholo-holo ba bolela hore Bakreste ba ne ba etse hloko temoso ea Molimo ’me ba balehile Jerusalema le Judea eohle ba ea lithabeng tse ka bochabela ho Nōka ea Jordane. Ba bang ba ile ba lula Pella, profinseng ea Perea. Ba ne ba tlohile Judea ’me ba sa ka ba khutlela morao. Ho ela temoso ea Jesu hloko ho ne ho pholositse bophelo ba bona.
Na U Nka ka ho Teba Litemoso Tse Tsoang Mehloling e Tšepahalang?
Ka mor’a ho utloa ka litemoso tse ngata tsa lintho tse sa kang tsa phethahala, batho ba bangata ha ba sa nkela litemoso tsohle hloohong. Leha ho le joalo, ho ela litemoso hloko ho ka pholosa bophelo ba hao.
China ka 1975, ho ile ha lemosoa hore ho ne ho tla ba le tšisinyeho ea lefatše. Ba boholong ba ile ba nka khato. Batho ba ile ba mamela. Bophelo ba ba likete-kete bo ile ba pholosoa.
Ka April 1991 Philippines, baahi ba motse o matsoapong a Thaba ea Pinatubo ba ile ba bolela hore thaba e ne e thunya mouoane le molora. Ka mor’a ho beha thaba eo leihlo ka likhoeli tse peli, Mokhatlo oa Philippines oa Thuto ea ho Foqoha ha Seretse le Litšisinyeho Tsa Lefatše o ile oa lemosa hore kotsi e haufi. Ka potlako, batho ba mashome a likete ba ile ba tlosoa sebakeng seo. Mesong ea la 15 June, ka ho phatloha ho tšabehang, molora o fetang lik’hilomithara tsa lik’hubiki tse robeli o ile oa foqohela holimo eaba o aparela karolo eo ea naha. Ho ela hloko ho ile ha pholosa bophelo ba batho ba likete.
Bibele e lemosa ka bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho. Hona joale re phela matsatsing a ho qetela. Ha bofelo bo ntse bo atamela, na u lula u lebetse? Na u nka khato e le hore u tlohe sebakeng se kotsi? Ka ho tseba hore metsotso e jele babeli, na u lemosa ba bang hore ba etse se tšoanang?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ho ela temoso hloko ho ile ha pholosa bophelo ba batho ba bangata ha Thaba ea Pinatubo e hlatsa molora o bakiloeng ke ho foqoha ha seretse se chesang
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Bophelo ba Bakreste ba ileng ba ela hloko temoso ea Jesu bo ile ba pholosoa ha Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E.