Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bh leq. 221-leq. 222 ser. 2
  • Na Jesu o Hlahile ka December?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jesu o Hlahile ka December?
  • Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu
    Tsoha!—2013
  • Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Hlahile Neng?
    Tsoha!—2008
  • Tsoalo ea Jesu—Hokae hona Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
bh leq. 221-leq. 222 ser. 2

Na Jesu o Hlahile ka December?

BIBELE ha e re bolelle hore na Jesu o hlahile neng. Leha ho le joalo, e re fa lebaka le utloahalang la ho etsa qeto ea hore ha aa hlaha ka December.

Ak’u nahane ka boemo ba leholimo nakong eo ea selemo Bethlehema, e leng moo Jesu a hlahetseng teng. Khoeli ea Sejuda ea Kisleve (e bapang le November kapa December) e ne e le khoeli ea serame le lipula. E lateloa ke khoeli ea Tebethe (December kapa January). Eona e ne e le nako e batang ka ho fetisisa ea selemo, ’me ka linako tse ling lehloa le khetheha ka lithabeng. A re hlahlobe hore na Bibele e re’ng ka boemo ba mohatsela le mocheso sebakeng seo.

Mongoli oa Bibele Esdrase o bontša hore ha e le hantle Kisleve e ne e le khoeli e tsebahalang ka serame le lipula. Ka mor’a ho bolela hore letšoele le ne le khobokane Jerusalema “ka khoeli ea borobong [Kisleve] ka letsatsi la mashome a mabeli la khoeli,” Esdrase o tlaleha hore batho ba ne ba “thothomela . . . ka lebaka la lipula.” Ha ba bua ka boemo ba leholimo nakong eo ea selemo batho ba neng ba phuthehile bona ba ile ba re: “Ke nako ea lipula, hape ha ho khonehe ho ema ka ntle.” (Esdrase 10:9, 13; Jeremia 36:22) Ha ho makatse ha balisa ba phelang karolong eo ea lefatše ba ne ba tiisa hore ha December e fihla ha e ba fumane ba le ka ntle bosiu le mehlape ea bona!

Empa Bibele e tlaleha hore bosiung boo Jesu a hlahileng ka bona, balisa ba ne ba le naheng ba hlokometse mehlape ea bona. Ha e le hantle, mongoli oa Bibele Luka o bontša hore ka nako eo, balisa ba ne ba ‘phela naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu’ haufi le Bethlehema. (Luka 2:8-12) Hlokomela hore ha e le hantle balisa ba ne ba phela naheng, hase feela hore ba ne ba itsamaela ka ntle motšehare. Ba ne ba e-na le mehlape ea bona bosiu naheng. Na tlhaloso ee ea hore ba ne ba phela ka ntle naheng e lumellana le taba ea serame le lipula tse bang teng Bethlehema ka December? Che, ha e lumellane le eona. Kahoo lintho tse neng li etsahala ha Jesu a hlaha li bontša hore ha aa hlaha ka December.a

Lentsoe la Molimo le re bolella ka ho toba nako eo Jesu a shoeleng ka eona, empa le fana ka lintlha tse seng kae feela tse bontšang hore na o hlahile neng. Sena se re hopotsa mantsoe a Morena Solomone, a reng: “Lebitso le molemo ho feta oli e ntle, ’me letsatsi la ho shoa le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha motho.” (Moeklesia 7:1) Kahoo ha ho makatse hore ebe Bibele e fana ka lintlha tse ngata mabapi le tšebeletso ea Jesu le lefu la hae empa e fana ka tse seng kae feela mabapi le nako eo a hlahileng ka eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, bona leqephe la 286-90 bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 221]

Ha Jesu a hlaha, balisa ba ne ba le naheng le mehlape ea bona bosiu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela