Khaolong ea 34
Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Phela ka Melao ea Bibele?
U ka phaposing ea ho jela le banana ba bang ba babeli ’me le ja lijo tsa motšehare sekolong, joale ho kena moshanyana e mocha ea sa tsoa fihla sekolong sa lōna.
Ngoanana oa pele o re ho uena: “Ua tseba ke’ng, Brett oa u rata! Ke bona ka tsela eo a u shebang ka eona. O lula a ichebetse uena feela!”
Ngoanana oa bobeli oa u sebela, o re: “Le hona ua tseba ke’ng? O itja feela!”
U se u hlokometse hore ekare oa u rata. Etsoe Brett o kile a u memela phathing habo. Ke ’nete hore ha ua ka ua ea, le hoja ka pelong u ile ua labalabela ho tseba hore na ebe ho ka be ho bile joang hoja ua ea.
Ha u ntse u nahana, ngoanana oa pele o re:
“Ke bomalimabe hore ebe ke na le mohlankana. Ke ne ke sa tl’o senya nako ho intša le Brett.”
Joale ka ho makala hohle oa u sheba. Ua tseba hore na ho latela’ng.
Oa u botsa: “Hantle-ntle ho tla joang hore ebe ha u na mohlankana?”
Ha u batle potso eo! Taba ke hore u ka rata ho ba le mohlankana. Empa u boleletsoe hore ho molemo hore u eme ho fihlela u le boemong ba ho nyaloa pele u ka qala ho intša le mohlankana. Hoja feela e ne e se . . .
Ngoanana oa bobeli o re: “E tlameha e le bolumeli bo mona ba hao, akere?”
Ua ipotsa: ‘O tsebile joang se ka kelellong ea ka?’
Oa u tloka, o re: “Ha hao ke Bibele feela nako ena kaofela. Ke hobane’ng ha ho se mohla u keng u ithabise ho se hokae?”
NA U se u kile ua sonngoa hobane u leka ho phela ka melao ea Bibele? Haeba ho joalo, mohlomong u kile ua ipotsa hore na ebe u fetoa ke menate. Mocha e mong ea bitsoang Deborah o ne a ikutloa joalo. Oa hopola: “Melao ea boitšoaro ea Bibele e ne e bonahala e le thata. Ke ne ke khahloa ke tsela e neng e bonahala e se na lithibelo eo metsoalle ea ka ea sekolong e neng e phela ka eona.”
Seka-seka Taba
Hase kamehla ho leng molemo ho ithuta linthong tse ileng tsa re hlahela. Ha e le hantle, ke ntho e bohlale le e lumellanang le Mangolo hore re ithute liphosong tsa ba bang, joalokaha mopesaleme Asafe a ile a etsa joalo. Ho na le nako eo a ileng a utloa melao ea Molimo e le thata haholo. Empa ho hlahloba tsela ea ba ileng ba furalla litsela tsa Molimo e ile ea mo thusa ho seka-seka taba. Hamorao Asafe o ile a etsa qeto ea hore ba ne ba le “fatše moo ho thellang.”—Pesaleme ea 73:18.
U ntse u hopotse seo, hlahloba mantsoe a latelang a builoeng ke bacha bao ka nakoana, ba ileng ba furalla melao ea Bibele ’me ba kopanela liphate pele ba nyala kapa ba nyaloa.
● Ke eng e ileng ea susumetsa monahano oa hao le boitšoaro ba hao?
Deborah: “Ha ke le sekolong ke ne ke bona ngoana e mong le e mong a e-na le mohlankana kapa kharebe, ’me ba ne ba bonahala ba thabile. Ha ke qeta nako le bona ’me ke bona ba sunana le ho hakana, ke ne ke ba honohela ’me ke ikutloa ke jeoa ke bolutu. Ke ne ke atisa ho qeta lihora tse ngata ke nahana ka moshanyana e mong eo ke neng ke mo rata. Sena se ile sa totisa takatso ea ka ea hore ke be le moshanyana eo.”
Mike: “Ke ne ke bala boitsebiso bo thoholetsang ho kopanela liphate ke bile ke shebella mananeo a joalo. Ha ke ntse ke bua le metsoalle ka taba ena ea ho kopanela liphate, seo se ile sa etsa hore ke batle ho tseba ho eketsehileng le ho feta ka eona. Joale ha ke le mong le ngoanana, ke ne ke nahana hore nka mo atamela haholo ntle le hore re kopanele liphate, ke ne ke nahana hore nka khaotsa neng kapa neng ha ke batla.”
Andrew: “Ke ne ke tloaetse ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro Inthaneteng. Ke ile ka qala ho noa joala haholo. Hape ke ne ke ea liphathing le bacha ba neng ba sa hlomphe melao ea Bibele ea boitšoaro.”
Tracy: “Ke ne ke tseba hore ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho fosahetse, empa ke ne ke sa ho hloea. Ke ne ke sa rera ho kopanela liphate pele ke nyaloa, empa ke ile ka nkoa ke maikutlo ’me ka khaotsa ho nahana. Letsoalo la ka le ile la cha ka nakoana.”
● Na tsela eo u neng u phela ka eona e ne e u thabisa?
Deborah: “Qalong ke ile ka apareloa ke thabo ea hore ke lokolohile ’me ke ne ke thabile hore ebe qetellong ke tšoana le lithaka tsa ka. Empa boikutlo boo ha boa ka ba nka nako e telele. Ke ile ka qala ho ikutloa ke le litšila, ke sa hloeka, ’me ke se na thuso. Ke ile ka ikoahlaea haholo hore ebe ke ne ke lahlehetsoe ke boroetsana ba ka.”
Andrew: “Ho ile ha ’na ha e-ba bonolo le ho feta ho etsa lintho tse ling tse fosahetseng. Empa ka nako e tšoanang, ke ne ke jeoa ke letsoalo le molato ke bile ke sa thaba.”
Tracy: “Boitšoaro bo bobe bo sentse bocha ba ka. Ke ne ke nahana hore ’na le mohlankana oa ka re tla thabela bophelo. Ha rea ka ra bo thabela. Re ile ra qetella re utloisana bohloko, re bakelana mahlomola le masisa-pelo. Ke ile ka qeta masiu a mangata ke lla, ke lakatsa eka nka be ke ile ka etsa lintho ka tsela ea Jehova.”
Mike: “Ke ile ka qala ho utloa eka karolo e ’ngoe ea botho ba ka e shoele. Ke ile ka leka ho hlokomoloha tsela eo liketso tsa ka li neng li ama ba bang ka eona, empa ke ne ke sitoa. Ke ile ka utloa bohloko ha ke lemoha hore ka ho lelekisa monyaka, ke ne ke utloisa ba bang bohloko.”
● Ke keletso efe eo u ka e fang bacha ba nahanang hore melao ea Bibele ea boitšoaro e amoha motho bolokolohi?
Tracy: “Phela ka melao ea Jehova ’me u tloaelane le batho ba phelang ka eona. U tla thaba haholo ha u ka etsa joalo.”
Deborah: “Hase feela taba ea hao u le mong le seo u se batlang. Liketso tsa hao li tla ama ba bang. Haeba u hlokomoloha keletso ea Molimo, u tla itematsa.”
Andrew: “Ha u se na phihlelo, u nahana hore tsela eo lithaka tsa hao li phelang ka eona e monate. Maikutlo a bona a tla u tšoaetsa. Ka hona, khetha metsoalle ea hao ka bohlale. Tšepa Jehova ’me u ke ke ua ikoahlaea.”
Mike: “Har’a lintho tsa bohlokoahali tseo Jehova a u fileng tsona ke seriti le bohloeki. Ho lahla limpho tseo hobane feela u sitoa ho ithiba ke ho itheola seriti. Buisana le batsoali ba hao le batho ba bang ba hōlileng tsebong ka mathata a hao. Haeba u entse phoso, bua ka bothata boo ka potlako ’me u lokise boemo. Haeba u etsa lintho ka tsela ea Jehova, u tla ba le khotso ea sebele.”
Melao ea Bibele—Na ea U Khina Kapa ea U Sireletsa?
Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ’me o batla hore le uena u thabe. (1 Timothea 1:11; Moeklesia 11:9) Melao e tlalehiloeng ka Bibeleng e molemong oa hao. Ke ’nete hore u ka ’na ua nka hore ea u khina. Empa bonneteng, melao ea Bibele ea boitšoaro e tšoana le lebanta la pholoso le u sireletsang hore u se ke ua tsoa kotsi.
Ka sebele u ka tšepa Bibele. Haeba u khetha ho phela ka melao ea eona, u ke ke ua thabisa Jehova feela empa le uena u tla rua molemo.—Esaia 48:17.
U ka ba motsoalle oa Molimo. Fumana hore na u ka etsa seo joang.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“’Na,Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.”—Esaia 48:17.
KELETSO
Nahana hore na u ka buella melemo ea ho mamela melao ea Bibele joang ho ngoan’eno e monyenyane. Ho bua ka seo u se lumelang ho tla etsa hore se tebe pelong ea hao.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Motho a ka nka metsotso e seng mekae feela hore a senye kamano ea hae le Jehova, empa ho e lokisa ho ka nka lilemo.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
E le hore ke utloisise melemo ea ho mamela melao ea Bibele, ke tla ․․․․․
Haeba ke qala ho honohela ba phelang ka mekhoa ea lefatše, ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Mabapi le liphello tse bang teng ha motho a sa mamele melao ea Molimo, ke hobane’ng ha e se bohlale hore a ithute ka se mo hlahetseng?
● U ithuta’ng ka se boletsoeng ke Deborah, Mike, Andrew le Tracy?
● Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba nka hore melao ea Bibele ea ba khina, empa ke hobane’ng ha ho ba le pono e joalo e le ho se nahane ka ho teba?
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 285]
“Bohloko ba ho fuoa taeo mabapi le phoso eo motho a e entseng ha bo tšoane le ba ho leka ho e pata.’’—Donna
[Litšoantšo tse leqepheng la 288]
Melao-motheo ea Bibele ha e u sitise ho thaba; ea u sireletsa