Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp2 khao. 37 maq. 304-310
  • Na ke Lokela ho Kolobetsoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Kolobetsoa?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohato bo Fetolang Bophelo ba Hao
  • Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bakreste ba Lokela ho Kolobetsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Kolobetso le Kamano ea Hao le Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
yp2 khao. 37 maq. 304-310

Khaolong ea 37

Na ke Lokela ho Kolobetsoa?

Tšoaea lipolelo tse latelang ka ’nete kapa bohata:

Bakreste ba lokela hore ba kolobetsoe.

□ ’Nete

□ Bohata

Sepheo se seholo sa kolobetso ke ho u sireletsa hore u se ke ua inehela sebeng.

□ ’Nete

□ Bohata

Kolobetso e u fa monyetla oa hore u fumane poloko.

□ ’Nete

□ Bohata

Haeba u sa kolobetsoa, ha u ikarabelle ho Molimo ka lintho tseo u li etsang.

□ ’Nete

□ Bohata

Haeba metsoalle ea hao e kolobetsoa, seo se bolela hore joale le uena u se u loketse hore u kolobetsoe.

□ ’Nete

□ Bohata

HAEBA u mamela melao ea Molimo, u e-na le kamano e ntle le eena ebile u bua le ba bang ka seo u se lumelang, ke ntho e utloahalang hore u nahane ka ho kolobetsoa. Empa u ka tseba joang hore na u se u loketse ho nka bohato boo? Ho u thusa ho araba potso eo, a re hlahlobe lipolelo tse ka holimo tse batlang hore u khethe ’nete kapa bohata ho tsona.

● Bakreste ba lokela hore ba kolobetsoe.

’Nete. Jesu o ile a laela hore barutuoa ba hae ba kolobetsoe. (Matheu 28:19, 20) Ha e le hantle, Jesu ka boeena o ile a khetha hore a kolobetsoe. Hore u latele Kreste, u lokela ho kolobetsoa ha u se u hōlile ka ho lekaneng hore u etse qeto eo ’me u labalabela ho etsa joalo.

● Sepheo se seholo sa kolobetso ke ho u sireletsa hore u se ke ua inehela sebeng.

Bohata. Kolobetso ke pontšo e etsoang phatlalatsa ea hore u inehetse ho Jehova. Boinehelo hase tumellano feela tjee e u thibelang ho etsa lintho tseo u neng u ka ’na ua rata ho li etsa sephiring. Ho e-na le hoo, u inehela ho Jehova hobane u rata ho phela ka melao ea hae.

● Kolobetso e u fa monyetla oa hore u fumane poloko.

’Nete. Bibele e bolela hore kolobetso ke bohato ba bohlokoa ba hore motho a fumane poloko. (1 Petrose 3:21) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore kolobetso e tšoana le ho lefella inshorense e tla u sireletsa haeba ho hlaha koluoa. U kolobetsoa hobane u rata Jehova ebile u batla ho mo sebeletsa ka pelo ea hao eohle ka ho sa feleng.—Mareka 12:29, 30.

● Haeba u sa kolobetsoa, ha u ikarabelle ho Molimo ka lintho tseo u li etsang.

Bohata. Jakobo 4:17 e re: “Haeba motho a tseba ho etsa se nepahetseng leha ho le joalo a sa se etse, o etsa sebe”—ebang o kolobelitsoe kapa che. Kahoo, haeba u tseba se nepahetseng ’me u se u hōlile ka ho lekaneng hore u nke lintho ka ho teba bophelong, mohlomong ena ke nako ea hore u buisane le motsoali kapa Mokreste e mong ea hōlileng tsebong. Ka tsela eo, u ka ithuta hore na u hatele pele joang e le hore u tle u kolobetsoe.

● Haeba metsoalle ea hao e kolobetsoa, seo se bolela hore joale le uena u se u loketse hore u kolobetsoe.

Bohata. U lokela ho etsa qeto ea ho kolobetsoa ka boithatelo. (Pesaleme ea 110:3) U lokela ho kolobetsoa hafeela u tseba hantle u bile u utloisisa hore na ho bolelang eng hore motho e be Paki ea Jehova, ’me u kholisehile hore u se u loketse ho jara boikarabelo boo.—Moeklesia 5:4, 5.

Bohato bo Fetolang Bophelo ba Hao

Kolobetso ke bohato bo fetolang bophelo ba hao bo u bulelang monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso tse ngata. Ka nako e tšoanang, kolobetso e tsamaea le boikarabelo bo tebileng ba hore u phele tumellanong le boinehelo boo u bo entseng ho Jehova.

Na u se u le haufi le ho etsa joalo? Haeba ho joalo, u na le lebaka le utloahalang la hore u thabe. U letetsoe ke tokelo e khōlō ka ho fetisisa—ea hore u sebeletse Jehova ka pelo eohle ea hao le ho phela ka tsela e bontšang hore u inehetse ho eena e le kannete.—Matheu 22:36, 37.

KHAOLONG E LATELANG

Ithute kamoo u ka iketsetsang lipakane kateng e le hore u rue molemo o moholo ka ho fetisisa bophelong ba hao.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.”—Baroma 12:1.

KELETSO

U thusoa ke batsoali ba hao, fumana motho e mong ka phuthehong ea ka u thusang hore u hatele pele moeeng.—Liketso 16:1-3.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Kolobetso ke karolo ea bohlokoa ea “letšoao” le u khethollang bakeng sa poloko.—Ezekiele 9:4-6.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Hore ke hōle moeeng ’me ke kolobetsoe, ke tla eketsa kutloisiso ea ka lithutong tse latelang tsa Bibele: ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha kolobetso e le bohato ba bohlokoa hakaale?

● Ke’ng se ka ’nang sa etsa hore mocha a kolobetsoe kapele haholo?

● Mocha a ka ’na a ipehela mabaka afe a ka etsang hore a be leqe hore a inehele le ho kolobetsoa?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 306]

“Ho tseba hore ke kolobelitsoe ho ile ha nthusa hore ke etse liqeto tse bohlale ’me ke qobe ho etsa lintho tse ka beng li ntliselitse litholoana tse babang.’’—Holly

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 307]

Lipotso Tseo Batho ba Atisang ho li Botsa ka Kolobetso

Kolobetso e tšoantšetsa eng? Ha u qoelisoa metsing ’me u hlaha hape, seo se bolela hore u se u khaolitse ho iphelela, joale u se u phelela ho etsa thato ea Jehova.

Ho inehela ho Jehova ho bolela’ng? Ho bolela hore ha u sa tla iphelela, u tšepisa hore u tla etelletsa ho etsa thato ea Molimo ka pele ho ntho leha e le efe e ’ngoe. (Matheu 16:24) U lokela hore u inehele ho Jehova nako e itseng pele u kolobetsoa.

Pele u kolobetsoa, ke eng eo u lokelang hore ebe ua e etsa bophelong? U lokela ho phela ka tsela e lumellanang le Lentsoe la Molimo ’me u buisane le ba bang ka tumelo ea hao. U lokela ho leka ka matla ho hōlisa botsoalle ba hao le Molimo ka hore u rapele le ho ithuta Lentsoe la hae. U lokela ho sebeletsa Jehova hobane u ikhethela ho etsa joalo—eseng hobane u hatelloa ke ba bang.

Na u lokela ho kolobetsoa ha u le lilemong tse itseng? Taba ea hore na u lilemo li kae hase ea bohlokoa haholo. Leha ho le joalo, u lokela hore u be u le moholo ka ho lekaneng—’me u hōlile tsebong ka ho lekaneng—u utloisisa se boleloang ke boinehelo.

U ka etsa’ng haeba u batla ho kolobetsoa empa batsoali ba hao ba re u eme ho se hokae? Mohlomong ba batla hore u ke u be le phihlelo haholoanyane bophelong ba Bokreste. Ananela keletso ea bona ’me u sebelise nako ena hore u hōlise botsoalle ba hao le Jehova.—1 Samuele 2:26.

[Lebokose se leqepheng la 308, 309]

Lintlha Tseo U li Ngotseng

Na u Nahana Hore u Kolobetsoe?

Hlahloba khatelo-pele ea hao ka hore u nahanisise ka lipotso le lipolelo tse ka tlaase mona. Etsa bonnete ba hore u sheba mangolo a bontšitsoeng pele u ngola likarabo.

Hona joale, u bontša ka litsela life hore u tšepa Jehova?—Pesaleme ea 71:5. ․․․․․

U bontšitse joang hore matla a hao a ho lemoha a koetliselitsoe ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng?—Baheberu 5:14. ․․․․․

U rapela hangata hakae? ․․․․․

Lithapelo tsa hao li toba taba hakae, hona li bontša eng mabapi le tsela eo u ratang Jehova ka eona?—Pesaleme ea 17:6. ․․․․․

Ka tlaase mona ngola lipakane leha e le life tseo u ka ratang ho iketsetsa tsona mabapi le thapelo. ․․․․․

Na u ithuta Bibele kamehla u le mong?—Joshua 1:8. ․․․․․

Ke lintho life tseo u li kenyelletsang thutong? ․․․․․

Ka tlaase mona ngola lipakane leha e le life tseo u ka ratang ho iketsetsa tsona mabapi le ho ithuta u le mong. ․․․․․

Na u kopanela tšebeletsong ea boboleli ka tsela e bontšang hore u na le sepheo? (Mohlala: Na u ka hlalosetsa ba bang lithuto tsa Bibele tsa motheo? Na u boela ho batho ba bontšitseng thahasello? Na u leka ho finyella pakane ea hore u khanne thuto ea lehae ea Bibele?)

□ E □ Che

Na u kopanela tšebeletsong ea boboleli esita le ha batsoali ba hao ba sa ee?—Liketso 5:42.

□ E □ Che

Ka tlaase mona, ngola lipakane leha e le life tseo u ka ratang ho iketsetsa tsona mabapi le tšebeletso ea boboleli.—2 Timothea 2:15. ․․․․․

Na u ka re u ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste kapa u ba teng seoelo?—Baheberu 10:25. ․․․․․

U ba le seabo ka litsela life ha u le libokeng? ․․․․․

Na u ea libokeng ha batsoali ba hao ba sa ee (haeba ba u lumella hore u ee)?

□ E □ Che

Na u ka bolela hore ruri u thabela ho etsa thato ea Molimo?—Pesaleme ea 40:8.

□ E □ Che

Na u ka bolela maemo a tobileng ao ho ’ona u ileng ua hlōla khatello ea lithaka?—Baroma 12:2. ․․․․․

U rerile ho etsa’ng e le hore u lule u rata Jehova ka matla?—Juda 20, 21. ․․․․․

Na u ka sebeletsa Jehova esita le haeba batsoali ba hao le metsoalle ba ka khaotsa ho mo sebeletsa?—Matheu 10:36, 37.

□ E □ Che

[Setšoantšo se leqepheng la 310]

Joaloka lenyalo, kolobetso ke bohato bo fetolang bophelo ba motho—ha ea lokela ho nkoa habobebe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela