Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp2 leq. 50
  • Mohlala o Motle oa Josefa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlala o Motle oa Josefa
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • O Ile a Sireletsa Lelapa la Hae, a le Hlokomela a ba a Tiisetsa
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Lekhoba le Ileng la Mamela Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • “Na ke Sebakeng sa Molimo?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
yp2 leq. 50

Mohlala o Motle oa Josefa

Josefa o bothateng bo tebileng. Mosali oa mong’a hae o mo kōpile ka makhetlo hore a robale le eena. Joale o leka hape! Empa Josefa ha a oele molekong. Ha e le hantle, karabo ea hae e tiile. O re ho mosali enoa: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” Ha mosali enoa a sa mo mamele ’me a leka ho mo tšoara, Josefa ha a hlajoe ke lihlong ho tšola tlhako morong. Ha e le hantle, o mathela ka ntle ho ntlo! Josefa o ipaka e le monna ea boitšoaro bo botle.—Genese 39:7-12.

Le uena u ka ’na ua thulana le boemo boo ho bona motho e mong a batlang hore u inehele takatsong ea ho kopanela liphate. Ho hanela teko eo hase feela taba ea ho ikemisetsa ho itšoara. Taba ea pele, u lokela hore u rate ho thabisa ’Mōpi oa hao, Jehova Molimo. Josefa o ne a e-na le takatso ea ho kopanela liphate joaloka uena. Empa o ne a ho nka e le ntho e sa utloahaleng hore a khotsofatse takatso eo ka tsela e neng e tla halefisa ’Mōpi oa hae. Ka tsela e tšoanang, u lokela ho kholiseha hore ho se hloeke boitšoarong ho halefisa Molimo ’me qetellong ho lebisa mahlomoleng. Ka hona, leka ho hlaolela le ho boloka boitšoaro bo botle bo tšoanang le ba Josefa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela