Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp2 leq. 193
  • Mohlala o Motle oa Ezekiase

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlala o Motle oa Ezekiase
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O re Hlomphile ka ho re fa Tokelo ea Hore re Ikhethele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “A ’na a Khomarela Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Molimo o Thusa Morena Ezekiase
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Tumelo ea Morena ea Putsoa
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
yp2 leq. 193

Mohlala o Motle oa Ezekiase

Ezekiase o ne a talimane le ho etsa khetho ea bohlokoa bophelong. O ne a le lilemo li 25 feela ’me e le morena oa Juda. E ne e tla ba morena ea joang? Na o ne a tla itumella hore a susumetsoe ke mohlala o mobe oa ntate oa hae, e leng Morena Akaze? Akaze e bile mokoenehi ea sa bakeng ho fihlela a shoa. O ile a khothalletsa borapeli ba bohetene a ba a chesa ngoana e mong oabo Ezekiase aletareng ea molimo oa bohetene. (2 Likronike 28:1-4) Empa Ezekiase ha aa ka a lumella boikaketsi ba ntate oa hae hore bo mo sitise ho rapela Jehova, ebile ha aa ka a nka hore ha ho seo a ka se etsang haese feela hore le eena a etse liphoso tseo ntate oa hae a li entseng. Ho e-na le hoo, Ezekiase o ile a tsoela pele ho “khomarela Jehova.”—2 Marena 18:6.

Na e mong oa batsoali ba hao o soma borapeli ba Jehova? Na ke motho ea hlekefetsang kapa o lemaletse mokhoa o itseng o mobe? Haeba ho joalo, hase hore u tlameha ho etsa liphoso tseo motsoali oa hao a li etsang! Ezekiase ha aa ka a lumella lintho tse bohloko tse neng li etsahetse lelapeng labo hore li senye bophelo ba hae. Ha e le hantle, e ile ea e-ba morena ea molemo hoo ‘ka mor’a hae ho sa kang ha e-ba le ea mong ea tšoanang le eena har’a marena ’ohle a Juda.’ (2 Marena 18:5) Le uena joaloka Ezekiase, u ka atleha bophelong ho sa tsotellehe mathata a lelapa leno. Joang? Ka hore le uena u tsoele pele ho “khomarela Jehova.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela