Pina ea 35
Ho Leboha Mamello ea Molimo
E Hatisitsoeng
1. Molimo Jah, u na le matla,
Hape u rata ho loka.
Fatše le tletse bokhopo,
Bo u utloisang bohloko.
Ha u liehe ho nka khato;
U se u tla felisa bobe.
Re tšepile uena Ntate,
Re leboha mamello ea hao.
2. Ho uena lemo tse sekete,
Eka ke letsatsi feela.
Re habile tsatsing la hao;
’Me le ke ke la lieha.
Le hoja u hloile sebe,
U thabisoa ke ha re baka.
Re na le tšepo e matla,
Re rorisa lebitso la hao.
(Sheba le Luka 15:7; 2 Pet. 3:8, 9.)