Karolo 4
Molimo o Etsa Selekane le Abrahama
Abrahama o bontša tumelo ’me o mamela Molimo, kahoo Molimo o tšepisa hore o tla mo hlohonolofatsa a be a etse hore bana ba hae ba ate
LILEMO tse ka bang 350 ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, Abrahama o ne a lula motseng o ruileng oa Ure, e leng moo kajeno ho thoeng ke Iraq. O ne a na le tumelo e ikhethang. Eaba tumelo ea hae ea lekoa.
Molimo o ile a bolella Abrahama hore a tlohe naheng eo a tsoaletsoeng ho eona ’me a fallele naheng e ’ngoe, e leng ea Kanana. Abrahama o ile a mamela a sa qeaqee. O ile a tsamaea le bahlanka ba hae hammoho le mosali oa hae Sara, le Lota mora oa mor’abo, ’me ka mor’a leeto le lelelele o ile a lula litenteng Kanana. Selekaneng seo Molimo a ileng a se etsa le Abrahama, o ile a mo tšepisa hore o tla mo etsa sechaba se seholo, ’me malapa ’ohle lefatšeng a tla hlohonolofatsoa ka eena, le hore bana ba hae ba tla rua naha ea Kanana.
Abrahama le Lota ba ile ba rua haholo, ba ba le mehlape e meholo ea linku le likhomo. Kaha Abrahama e ne e se motho ea ichebileng boeena, o ile a lumella Lota hore a khethe sebaka sefe kapa sefe seo a se ratang. Lota o ile a ikhethela sebaka se nonneng se pel’a Nōka ea Jordane, ’me a haha haufi le motse oa Sodoma. Leha ho le joalo, boitšoaro ba banna ba Sodoma bo ne bo le bobe—e ne e le baetsalibe ba baholo mahlong a Molimo.
Hamorao Jehova Molimo o ile a tiisetsa Abrahama hore bana ba hae ba ne ba tla ba bangata joaloka linaleli tsa leholimo. Abrahama o ile a bontša tumelo tšepisong eo. Empa Sara mosali oa Abrahama ea ratoang o ne a se na bana. Joale ha Abrahama a le lilemo li 99, ’me Sara a habile ho ba lilemo li 90, Molimo o ile a bolella Abrahama hore eena le Sara ba tla ba le mora. Lentsoe la Molimo le ile la phethahala, ’me Sara a tsoala Isaka. Abrahama o ne a e-na le bana ba bang, empa Molopolli ea tšepisitsoeng Edene o ne a tla tsoa lelokong la Isaka.
Ka nako eo Lota le lelapa la hae ba ne ba lula Sodoma, empa Lota ea lokileng o ne a sa rate baahi ba motse oo bao boitšoaro ba bona bo neng bo le bobe. Ha Molimo a etsa qeto ea ho timetsa Sodoma, o ile a romela mangeloi hore a lemose Lota hore o haufi le ho timetsa motse oo. Mangeloi a ile a phehella Lota le lelapa la hae hore ba tsoe Sodoma le hore ba se ke ba hetla. Eaba Molimo o nesa mollo le sebabole e le hore a timetse baahi bohle ba Sodoma le motse o haufi le oona oa Gomora, o tletseng bokhopo. Lota le barali ba hae ba babeli ba ile ba pholoha. Empa mosali oa Lota o ile a hetla, mohlomong a khaletse lintho tseo a neng a li siile morao. O ile a shoa ka lebaka la ho se mamele.
—E thehiloe ho Genese 11:10–19:38.
◼ Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a fallela Kanana?
◼ Molimo o ile a etsa selekane sefe le Abrahama?
◼ Ke hobane’ng ha Molimo a ile a timetsa Sodoma le Gomora?
[Lebokose le leqepheng la 7]
MOLIMO EA ETSANG LILEKANE
Mehleng ea ho ngoloa ha Bibele, selekane e ne e le tumellano e entsoeng ka molao. Molimo o ile a sebelisa lilekane tse latellanang, tseo e neng e le litšepiso tse tiileng, e le hore butle-butle a senole hore na morero oa hae mabapi le Molopolli ea tšepisitsoeng Edene o ne o tla phethahala joang. Selekane seo a se entseng le Abrahama se ile sa bontša hore eo Ea tšepisitsoeng o ne a tla tsoa lelokong la Abrahama. Lilekane tse ileng tsa etsoa hamorao li ne li tla hlakisa hore na ke mang.
[Chate e leqepheng la 7]
Genese ●
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
Daniele
Hosea
Joele
Amose
Obadia
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo