Karolo 6
Jobo o Lula a Tšepahala
Satane o re Jobo a ke ke a tšepahala ho Molimo, empa Jobo o lula a tšepahala
NA HO na le motho ea ka lulang a tšepahala ho Molimo haeba a lekoa ka litsela tsohle ’me ho bonahala eka ho mamela ha ho mo ruise molemo oa letho? Potso eo e ile ea botsoa ea ba ea arabeloa tabeng ea monna ea bitsoang Jobo.
Ha Baiseraele ba sa ntse ba le Egepeta, Jobo ea amanang le Abrahama, o ne a lula sebakeng seo hona joale se bitsoang Arabia. Ka eona nako eo, mangeloi a ile a bokana ka pel’a Molimo leholimong, le Satane oa lerabele o ne a le teng. Molimo o ile a bolella mangeloi ao a bokaneng hore o tšepa Jobo kaha ke mohlanka oa hae ea tšepahalang. Ha e le hantle o ile a re ha ho na motho ea tšepahalang joaloka Jobo. Empa Satane o ile a re Jobo o sebeletsa Molimo feela hobane a mo hlohonolofalitse a bile a mo sirelelitse. A re haeba Jobo a ka siuoa a se na letho, o tla rohaka Molimo.
Molimo o ile a lumella Satane hore a qale ka ho felisa leruo la Jobo, a bolaee bana ba hae a be a mo kulise. Kaha Jobo o ne a sa tsebe hore Satane ke eena ea mo bakelang lintho tseo tsohle, o ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a mo tloheletse hore a hlaheloe ke liteko tseo. Ho ntse ho le joalo, ha ho mohla Jobo a kileng a lahla Molimo.
Buka ea Jobo e re Jobo o ile a eteloa ke metsoalle e meraro ea bohata. Banna bana ba ile ba ea lolololo e le moo ba lekang ho mo kholisa hore Molimo o mo ahlolela libe tseo a li entseng sephiring. Leha ho le joalo, ba ne ba fositse. Ba ile ba boela ba re Molimo ha a khahlisoe ke bahlanka ba hae ebile ha a ba tšepe. Jobo ha aa ka a lumellana le maikutlo a bona a fosahetseng. O ile a bua ka sebete a re o tla lula a tšepahala ho isa lefung!
Empa Jobo o ile a etsa phoso ea hore a amehe haholo ka ho ikemela. Mohlankana e mong ea bitsoang Elihu, ea neng a mametse phehisano ena, o ile a ntša maikutlo a hae. Elihu o ile a nyatsa Jobo ha a sa ka a lemoha hore ho tlosa qoso bobusing ba Jehova Molimo ke habohlokoa ho feta ho itlosa molato. Elihu o ile a khalemela metsoalle ea Jobo ea bohata ka matla.
Eaba Jehova Molimo o buisana le Jobo, a mo thusa hore a fetole maikutlo. Jehova o ile a bua ka lintho tse ngata tse tsotehang tse bōpiloeng, ’me a hopotsa Jobo hore motho hase letho ha a bapisoa le Jehova. Ka boikokobetso Jobo o ile a amohela ha Jehova a mo khalemela. Kaha Jehova o “na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau,” o ile a folisa Jobo, a atisa leruo la hae la pele habeli, ’me a mo hlohonolofatsa ka bana ba leshome. (Jakobo 5:11) Ha Jobo a tšepahala ho Jehova ha a lekoa ka matla, o ile a bontša hore Satane o ne a bua leshano ha a re batho ba ke ke ba lula ba tšepahala ho Jehova ha ba lekoa.
—E thehiloe bukeng ea Jobo.
◼ Satane o ile a qosa Jobo ka eng?
◼ Hore ebe Jobo o ile a lula a tšepahala ho Jehova ho bile le molemo ofe?
[Lebokose le leqepheng la 9]
LITSEKO TSA BOHLOKOA
Jobo e ne e le eena ea neng a hlaheletse har’a batho ba sa tšoauoeng phoso lefatšeng le ea tšabang Molimo. Satane o ile a tiisa hore Jobo o sebeletsa Jehova Molimo ka mabaka a boithati feela. Mantsoe a hae a ne a bontša hore batho bohle le mangeloi ba sebeletsa Molimo ka lona lebaka leo. Kahoo, Satane o ne a belaela hore na ekaba motho o fela a tšepahala ho Jehova. Pelaelo ena ke karolo ea tseko ea bohlokoa eo Satane a ileng a e hlahisa Edene, ea hore na Jehova o lokela ho busa le hore na a ka busa ka ho loka. Buka ea Jobo e bontša hore libōpuoa tsa Molimo li ka kenya letsoho ho tloseng qoso bobusing ba Hae ka ho lula li tšepahala ho Eena.
[Chate e leqepheng la 9]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo ●
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
Daniele
Hosea
Joele
Amose
Obadia
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo