Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bm karolo 13 leq. 16
  • Marena a Tšepahalang le a sa Tšepahaleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Marena a Tšepahalang le a sa Tšepahaleng
  • Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Buka ea Bibele ea 32—Jonase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Jonase o Ithuta ka Mohau oa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
bm karolo 13 leq. 16

Karolo 13

Marena a Tšepahalang le a sa Tšepahaleng

Iseraele e arohane. Baiseraele ba busoa ke marena a mangata, ’me bongata ba ’ona ha a tšepahale. Jerusalema e felisoa ke Bababylona

FEELA joalokaha Jehova a boletse, Iseraele e ile ea arohana ka mor’a hore Solomone a furalle borapeli bo hloekileng. Roboame mora oa hae ea ileng a mo hlahlama o ne a le khopo. Ka lebaka leo, meloko e leshome ea Iseraele e ile ea mo fetohela eaba e theha ’muso oa Iseraele o ka leboea. E ’meli ea lula e tšepahalla leloko la borena la Davida Jerusalema, eaba e hloma ’muso o ka boroa oa Juda.

Mebuso eo e ne e sa tsitsa ’me e e-na le mathata a mangata, haholo-holo hobane marena a eona a ne a sa tšepahale a bile a sa mamele. Iseraele e ile ea e-ba le mathata a mangata ho feta Juda, hobane li sa tloha feela, marena a eona a ile a khothalletsa borapeli ba bohata. Ho sa tsotellehe mesebetsi e matla e entsoeng ke baprofeta ba eona ba kang Elia le Elisha—bao ka bobeli ba ileng ba tsosa bafu—Baiseraele ba ile ba lula ba etsa bokhopo. Qetellong, Molimo a lumella Assyria hore e felise ’muso oo o ka leboea.

Juda e ile ea tsoela pele ho ba teng ka lilemo tse fetang lekholo ka mor’a hore Iseraele e felisoe, empa le eona Jehova o ile a e ahlola. Ke marena a seng makae feela a Juda a ileng a utloa litemoso tsa baprofeta ba Jehova ’me a leka ho khutlisetsa sechaba ho eena. Ka mohlala, Morena Josiase o ile a felisa borapeli ba bohata Juda ’me a lokisetsa hore tempele ea Jehova e tsosolosoe. Ha ho fumanoa buka ea pele ea Molao oo Jehova a neng a o file Moshe, Josiase o ile a ameha maikutlo hoo a ileng a etsa ka hohle-hohle hore sechaba se tlohele mekhoa e mebe.

Leha ho le joalo, ka masoabi bahlahlami ba Josiase ha baa ka ba latela mohlala oo o motle. Kahoo, Molimo a lumella Bababylona hore ba hape Juda, ba felise Jerusalema le tempele ea eona. Ba ileng ba pholoha ba isoa botlamuoeng Babylona. Molimo o ile a bolela hore ba ne ba tla ba botlamuoeng ka lilemo tse 70. Naha ea Juda e ile ea lula e le lesupi nakong eo eohle—ho fihlela sechaba se lumelloa ho khutlela naheng ea habo sona joalokaha ho ne ho boletsoe.

Leha ho le joalo, ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le morena ea tsoang lelokong la Davida ho fihlela ha ho busa Molopolli ea tšepisitsoeng, e leng Mesia ea boletsoeng esale pele. Boholo ba marena a ileng a lula teroneng ea Davida Jerusalema a ile a bontša hore batho ba sa phethahalang ha ba tšoanelehe hore ba buse. Ke Mesia feela ea neng a tla tšoaneleha e le kannete. Kahoo Jehova o ile a re ho morena oa ho qetela lelokong la Davida: “U rōle moqhaka. . . . Ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao, ’me ke tla mo fa eona.”—Ezekiele 21:26, 27.

​—E thehiloe ho 1 le 2 Marena; 2 Likronike khaolo ea 10 ho ea ho 36; Jeremia 25:8-11.

◼ Ke hobane’ng ha Iseraele e ile ea arohana, ’me ho ile ha etsahala eng ka mebuso eo e ’meli?

◼ Ho ile ha etsahala’ng ka leloko la borena la Davida, hona hobane’ng?

◼ Se ileng sa etsahalla Jonase se re ruta eng ka Molimo? (Sheba lebokose.)

[Lebokose le leqepheng la 16]

JONASE

Nakong ea ha ’muso o arohane, Molimo o ile a re Jonase a e’o lemosa batho ba mabifi ba motse o hōle oa Ninive. Ho e-na le hoo, Jonase o ile a kena sekepeng se sa eeng Ninive. Sena se ile sa fella ka hore ho etsahale mohlolo—Molimo a etsa hore tlhapi e khōlō e mo koenye. Ha Jonase a le ka mpeng ea tlhapi, o ile a rapela Molimo, ’me eena a etsa hore tlhapi e mo hlatsetse moo ho omileng. Eaba Jonase o ea moo a neng a ronngoe teng.

Ka mor’a hore Molimo a rute Jonase ho mamela ka tsela eo, ho ile ha hlaha bothata bo bong: Jonase o ile a bolella Baninive molaetsa, empa o ile a utloa bohloko haholo ha Molimo a ba hauhela ka hore ka kutloelo-bohloko a se ke a ba ahlola kaha ba ne ba bakile. Ak’u bale buka ena e thahasellisang hore u bone kamoo Molimo a ileng a sebelisa mohlolo oa bobeli kateng ho ruta Jonase hore a utloele batho ba bang bohloko haholoanyane.

[Chate e leqepheng la 16]

Genese

Exoda

Levitike

Numere

Deuteronoma

Joshua

Baahloli

Ruthe

1 Samuele

2 Samuele

● 1 Marena

● 2 Marena

1 Likronike

● 2 Likronike

Esdrase

Nehemia

Esthere

Jobo

Lipesaleme

Liproverbia

Moeklesia

Sefela sa Lifela

Esaia

Jeremia

Lillo Tsa Jeremia

Ezekiele

Daniele

Hosea

Joele

Amose

Obadia

● Jonase

Mikea

Nahume

Habakuke

Sofonia

Hagai

Zakaria

Malakia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela