Karolo 15
Moprofeta ea Botlamuoeng o Bona se Tla Etsahala Nakong e Tlang
Daniele o profeta ho tla ha ’Muso oa Molimo le ha Mesia. Babylona ea oa
DANIELE, mocha ea tšepahalang ka tsela e ikhethang, o ile a isoa botlamuoeng Babylona pele Jerusalema e felisoa. Eena hammoho le Bajuda ba bang—batlamuoa ba tsoang ’musong oa Juda o ileng oa felisoa—ba ile ba fuoa bolokolohi bo itseng ke batho ba ba hapileng. Molimo o ile a hlohonolofatsa Daniele haholo nakong e telele eo a e phetseng Babylona, o bile a pholoha lefu sekoting sa litau a ba a bona lipono tsa se tla etsahala nakong e tlang. Boprofeta ba bohlokoa ka ho fetisisa ba Daniele bo ne bo bua ka Mesia le puso ea Hae.
Daniele o tsebisoa hore na Mesia o tla fihla neng. Daniele o ile a bolelloa nako eo ka eona batho ba Molimo ba lokelang ho lebella ho fihla ha “Mesia Moeta-pele.” A re ho tla feta libeke tse 69 tsa lilemo ka mor’a hore ho tsoe taelo ea ho tsosolosa marako a Jerusalema. Beke e tloaelehileng ke matsatsi a supileng; beke ea lilemo ke lilemo tse supileng. Taelo eo e tsoile ka 455 B.C.E. e se e le khale Daniele a shoele. Ha re atisa 69 ka 7 re fumana lilemo tse 483, tseo ha re li bala ho tloha ka 455 B.C.E. li fellang ka 29 C.E. Karolong e latelang re tla bona hore na ho etsahetse’ng ka selemo seo. Daniele o ile a boela a bona esale pele hore Mesia o tla “tlosoa,” kapa a bolaoe e le hore a koahele sebe.—Daniele 9:24-26.
Mesia e tla ba Morena leholimong. Ponong e sa tloaelehang ea se etsahalang leholimong, Daniele o ile a bona Mesia, eo ho ileng ha thoe ke “e mong ea joaloka mor’a motho,” a atamela terone ea Jehova. Jehova o ile a mo fa “bobusi le ho hlompheha le ’muso.” ’Muso oo o ne o tla ba teng ka ho sa feleng. Daniele o ile a tsebisoa taba e ’ngoe e hlollang ka ’Muso oa Mesia—e leng hore Morena eo o tla busa le ba bang ba bitsoang “bahalaleli ba Ea Holimo-limo.”—Daniele 7:13, 14, 27.
’Muso o tla felisa mebuso ea lefatše lena. Molimo o ile a etsa hore Daniele a khone ho hlalosa toro e neng e qakile Nebukadnezare, morena oa Babylona. Morena enoa o ne a lorile setšoantšo sa setonanahali se nang le hlooho ea khauta, sefuba le matsoho a silevera, mpa le lirope tsa koporo, meomo ea tšepe le maoto a tšepe e kopantsoeng le letsopa. Lejoe le khephohileng thabeng la otla maoto ao a pshatlehang habonolo ’me la a silakanya. Daniele o ile a re likarolo tsa setšoantšo li emela mebuso ea lefatše e latellanang, e qalileng ka oa Babylona o tšoantšetsoang ke hlooho ea khauta. Daniele o ile a bona esale pele hore nakong ea ha ho busa ’muso oa ho qetela oa lefatše lena le khopo, ’Muso oa Molimo o ne o tla nka khato; o silakanye mebuso eohle ea lefatše lena, ebe oona o busa ka ho sa feleng.—Daniele, khaolo ea 2.
Le hoja Daniele a ne a se a tsofetse haholo, o ile a phela ho fihlela ha Babylona e oa. Morena Cyruse o ile a felisa motse oo joalokaha baprofeta ba ne ba boletse. Nakoana ka mor’a moo, Bajuda ba ile ba qetella ba lokolotsoe botlamuoeng—ka eona nako e boletsoeng esale pele, e leng ka mor’a lilemo tse 70 naha ea habo bona e le lesupi. Babusisi ba tšepahalang, baprista le baprofeta ba ile ba tataisa Bajuda hore ba qetelle ba tsosolositse Jerusalema le tempele ea Jehova. Leha ho le joalo, ho ne ho tla etsahala’ng ha lilemo tsee tse 483 li fela?
—E thehiloe bukeng ea Daniele.
◼ Daniele o ile a tsebisoa eng mabapi le Mesia le ’Muso oa Molimo?
◼ ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng ka mebuso ea lefatše lee?
[Chate e leqepheng la 18]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
● Esdrase
● Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
● Daniele
Hosea
Joele
Amose
Obadia
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo