Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bm karolo 19 leq. 22
  • Jesu o Profeta Lintho Tse Tla Etsahala Lefatšeng Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Profeta Lintho Tse Tla Etsahala Lefatšeng Lohle
  • Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baapostola ba Kopa Pontšo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Pontšo ea Mehla ea Bofelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Kamoo re ka Tsebang Kateng Hore Armagedone e Atametse
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Mabapi le “Bofelo”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
bm karolo 19 leq. 22

Karolo 19

Jesu o Profeta Lintho Tse Tla Etsahala Lefatšeng Lohle

Jesu o profeta lintho tse tla etsahala ho bontša hore o se a busa le hore re bofelong ba tsamaiso ena ea lintho

JESU le baapostola ba bane ba Thabeng ea Mehloaare moo ba bonang botle ba Jerusalema le tempele e lutseng tlaasana ha ba mo botsa boinotšing ka lintho tseo a neng a li buile. O ne a qeta ho bolela hore tempele ea Jerusalema e tla felisoa. Pejana ho moo o ne a ba boleletse ka ‘qetello ea tsamaiso ea lintho.’ (Matheu 13:40, 49) Eaba baa mo botsa ba re: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?”—Matheu 24:3.

Ha Jesu a ba araba o ile a bolela lintho tse neng li tla etsahala pele Jerusalema e felisoa. Empa seo a se boletseng se ne se ke ke sa etsahala Jerusalema feela. Boprofeta ba hae bo ne bo tla phethahala hamorao lefatšeng lohle. Jesu o ile a profeta lintho tse neng li tla etsahala le maemo a neng a tla ba teng lefatšeng, tseo kaofela e neng e tla ba pontšo. E ne e tla bontša batho ba phelang lefatšeng hore Jesu o se a busa leholimong. Ka mantsoe a mang, e ne e tla bontša hore Jehova Molimo o entse Jesu Morena oa ’Muso oa Mesia oo e leng khale o tšepisitsoe. Pontšo eo e ne e bontša hore ’Muso oo o tla tloha o felisa bokhopo ’me o tlisetse batho khotso ea ’nete. Lintho tseo Jesu a li profetileng li ne li tla tšoaea hore tsamaiso ea khale ea lintho ea bolumeli, ea lipolotiki le ea sechaba—e matsatsing a ho qetela—’me ho tla qala tsamaiso e ncha.

Ha Jesu a bolela lintho tse neng li tla etsahala lefatšeng ha a se a le teng e le Morena leholimong, o ile a re lichaba li tla loantšana, ho be le likhaello tsa lijo, litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše le mafu a seoa. A re tlōlo ea molao e tla eketseha, ’me barutuoa ba hae ba ’nete ba bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. Lintho tsena tsohle li ne li tla fella ka “matšoenyeho a maholo” ao ho seng mohla a kileng a e-ba teng.—Matheu 24:21.

Balateli ba Jesu ba ne ba tla tseba joang ha matšoenyeho ao a se a atametse? Jesu o ile a re: ‘Ithuteng sefateng sa feiga.’ (Matheu 24:32) Ha sefate sa feiga se hlahisa makhasi se bontša ka ho hlakileng hore lehlabula le haufi. Ka ho tšoanang ha lintho tseo Jesu a li profetileng li etsahala ka nako e le ’ngoe, seo e ne e tla ba pontšo e totobetseng ea hore bofelo bo haufi. Jesu o ile a re ke Ntate feela ea neng a tla tseba hantle letsatsi le hora eo matšoenyeho a maholo a tla qala ka eona. Ke kahoo a ileng a re ho barutuoa ba hae: “Le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng.”—Mareka 13:33.

​—E thehiloe ho Matheu khaolo ea 24 le 25; Mareka khaolo ea 13; Luka khaolo ea 21.

◼ Ke lintho life tse ling tseo baapostola ba Jesu ba neng ba batla ho li tseba?

◼ Jesu o ile a fana ka pontšo ea eng, hona ke lintho life tse neng li tla etsahala ho phethahatsa pontšo eo?

◼ Jesu o ile a eletsa barutuoa ba hae hore ba etse’ng?

[Lebokose le leqepheng la 22]

PONTŠO EA HO BA TENG HA KRESTE

Jesu o ile a profeta hore ho tla ba le pontšo ea hore nako e atametse ea hore Molimo a felise tsamaiso ea kajeno ea lintho e senyehileng. Ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše, batho ba bone lintho tseo Jesu a li profetileng. Liphetoho tse bileng teng bolumeling, lipolotiking le sechabeng lefatšeng lohle li lebisa ka potlako le ka tsela e ke keng ea qojoa bofelong ba tsamaiso ena ea lintho. Jesu o rutile balateli ba hae hore ba lokela ho ‘lula ba falimehile’ ’me ba etse qeto e tiileng ea ho ba ka lehlakoreng la Molimo tsekong ea bobusi e le hore ba pholohe.a—Luka 21:36; Matheu 24:3-14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa lintlha tse eketsehileng tse tšohlang boprofeta ba Jesu, sheba buka e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 86-95.

[Chate e leqepheng la 22]

Genese

Exoda

Levitike

Numere

Deuteronoma

Joshua

Baahloli

Ruthe

1 Samuele

2 Samuele

1 Marena

2 Marena

1 Likronike

2 Likronike

Esdrase

Nehemia

Esthere

Jobo

Lipesaleme

Liproverbia

Moeklesia

Sefela sa Lifela

Esaia

Jeremia

Lillo Tsa Jeremia

Ezekiele

Daniele

Hosea

Joele

Amose

Obadia

Jonase

Mikea

Nahume

Habakuke

Sofonia

Hagai

Zakaria

Malakia

● Matheu

● Mareka

● Luka

Johanne

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela