KAROLO 9
Paradeise e Tla Tla Neng?
Likhathatso tse teng lefatšeng li bontša hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla nka bohato. Luka 21:10, 11; 2 Timothea 3:1-5
Bibele e ile ea profeta lintho tse ngata tse etsahalang kajeno. E ile ea bolela hore batho e ne e tla ba ba ratang chelete, ba sa mameleng batsoali, ba bohale bo tšosang le ba ratang menyaka.
Ho ne ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, lintoa, likhaello tsa lijo le mafu a seoa. Lintho tsena lia etsahala hona joale.
Ho feta moo, Jesu o ile a bolela hore litaba tse molemo tsa ’Muso li ne li tla boleloa lefatšeng lohle.—Matheu 24:14.
’Muso o tla felisa bokhopo bohle. 2 Petrose 3:13
Haufinyane Jehova o tla timetsa batho bohle ba khopo.
Satane le bademona ba tla ahloloa.
Batho ba mamelang Molimo ba tla pholohela lefatšeng le lecha la ho loka, moo ho ke keng ha hlola ho e-ba le tšabo, lefatšeng leo ho lona batho ba tšepanang ba bileng ba ratanang.