Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 18 maq. 128-133
  • Nka Sebetsana Joang le Maemo a Sithabetsang ha ke le Sekolong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana Joang le Maemo a Sithabetsang ha ke le Sekolong?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehato e Mene ea ho Fokotsa ho Sithabela
  • Na ho na le Mohla ho ba Tlas’a Khatello Kelellong ho ka Bang Molemo?
  • Nka Sebetsana Joang le Matšoenyeho a ho Kena Sekolo?
    Tsoha!—2008
  • Ho Laola Khatello ea Kelello
    Tsoha!—2010
  • Khatello ea Kelello—Lisosa le Liphello Tsa Eona
    Tsoha!—2005
  • Khatello ea Kelello e Molemo Le e Mpe
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 18 maq. 128-133

Khaolong ea 18

Nka Sebetsana Joang le Maemo a Sithabetsang ha ke le Sekolong?

“Ke ne ke ba tlas’a khatello e matla sekolong hoo ke neng ke atisa ho ikutloa eka nka se hlaba hloohong.”—Sharon.

“Maemo a sithabetsang ao u tobanang le ’ona ha u le sekolong ha a fokotsehe ha u ntse u hōla—ho fetohang feela ke mabaka ao a bang teng ka ’ona.”—James.

NA U nka hore batsoali ba hao ha ba utloisise hore na u tobana le maemo a mangata hakae a sithabetsang ha u le sekolong? Ke ’nete hore ba ka ’na ba u bolella hore ha u lefelle ntlo, ha u na lelapa leo u lokelang ho le fepa, kapa mohiri eo u lokelang ho mo khahlisa. Leha ho le joalo, u utloa eka ha u le sekolong u tlas’a khatello e matla joaloka batsoali ba hao, kapa mohlomong e bileng e fetang ea bona.

Ho ea sekolong le ho khutla ho ka u sithabetsa ka bohona. Tara ea lulang United States, o re: “Bana ba sekolo ba ne ba atisa ho loana ka beseng. Mokhanni o ne a emisa bese ebe o re theola kaofela. Seo se ne se etsa hore re fihle ho se ho fetile metsotso e 30 kapa ho feta sekolo se kene.”

Na maemo a sithabetsang aa fokotseha ha u fihla sekolong? Che! Mohlomong le uena u tobana le maemo a kang a latelang:

● Ho sithabetsoa ke matichere.

“Matichere a batla hore ke sebetse hantle, ke fumane limaraka tse holimo ’me seo se etsa hore ke ikutloe ke le tlas’a khatello ea ho batla ho a khahlisa.”—Sandra.

“Matichere a phehella liithuti hore li ipabole lithutong, haholo-holo haeba seithuti se e-na le bokhoni bo itseng.”—April.

“Esita le haeba u ipehetse lipakane tse molemo bophelong, matichere a mang a etsa hore u ikutloe u se na thuso haeba u sa phehelle lipakane tsa thuto tseo a nahanang hore u lokela ho li phehella.”a—Naomi.

Ho sithabetsoa ke matichere ho u ama joang?

․․․․․

● Ho sithabetsoa ke lithaka.

“Ha bana ba le sekolong se phahameng, ba na le bolokolohi bo bongata ’me ba atisa ho ba marabele. Haeba u sa kheme le bona, ba nahana hore u koalehile.”—Kevin.

“Letsatsi le letsatsi, ke tobana le teko ea ho noa joala le ho kopanela liphate. Ka linako tse ling ho thata hore ke hanele takatso ea ho etsa lintho tseo.”—Aaron.

“Kaha joale ke lilemo li 12, ntho e ntšoenyang ka ho fetisisa ke khatello ea hore ke intše le mohlankana. Bana ba bang kaofela sekolong ba re, ‘U tla lula u se na mohlankana ho fihlela neng?’”—Alexandria.

“Ke ile ka ba tlas’a khatello ea hore ke intše le mohlankana e mong. Ha ke hana, bana ba bang ba ile ba re ke mosodoma. Ka nako eo, ke ne ke le lilemo li leshome feela!”—Christa.

Ho sithabetsoa ke lithaka ho u ama joang?

․․․․․

● Lintho tse ling tse ka u sithabetsang. Tšoaea ✔ nthong e u tšoenyang haholo—kapa u ngole e hlileng e u tšoenyang.

□ Hore u tlil’o ngola tlhahlobo

□ Mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae

□ Lintho tse khōlō tseo batsoali ba lebeletseng hore u li finyelle

□ Ho leka ho finyella lipakane tse phahameng tseo u ipehetseng tsona

□ Bo-mpoli kapa ho hlekahlekoa

□ Lintho tse ling ․․․․․

Mehato e Mene ea ho Fokotsa ho Sithabela

Ha e le hantle, u ke ke ua lebella hore u kene sekolo u be u qete u sa tobane le maemo a u sithabetsang. Leha ho le joalo, ho ba tlas’a khatello e matla ho ka u sithabetsa. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Khatello feela e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.” (Moeklesia 7:7) Empa u se ke ua lumella seo hore se u etsahalle. Ke habohlokoa hore u ithute ho sebetsana ka tsela e atlehang le ho sithabela.

Ho sebetsana le ho sithabela ho tšoana le ho phahamisa litšepe. E le hore motho ea phahamisang litšepe a atlehe, o lokela ho itokisa hantle esale pele. Ha a nke litšepe tseo a tla sitoa ho li phahamisa ebile o li phahamisa ka tsela e nepahetseng. Ka ho etsa joalo, o tiisa mesifa empa a sa itematse. Ka lehlakoreng le leng, haeba a sa etse joalo a ka ’na a utloisa mosifa bohloko kapa hona ho ithoba lesapo.

Ka ho tšoanang, u ka sebetsana ka katleho le ho sithabela ’me ua atleha ho finyella seo u batlang ho se etsa empa u sa itematse. Ka tsela efe? Ka ho etsa lintho tse latelang:

1. Tseba hore na ho bakoa ke eng ka ho khetheha. Maele a bohlale a re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Empa u ke ke ua ipatela ho sithabela ntle le hore pele u tsebe hore na ke eng e ka ’nang ea ho baka. Kahoo khutlela lintlheng tseo u tšoaileng ✔ ho tsona. Ke ntho efe e u sithabetsang haholo hona joale?

2. Etsa lipatlisiso. Ka mohlala, haeba mosebetsi o mongata oa sekolo o etsetsoang hae o u sithabetsa, sheba litlhahiso tse fanoeng Khaolong ea 13, Bukeng ea 2. Haeba u le tlas’a khatello ea ho kopanela boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate le ngoana eo u kenang sekolo le eena, u tla fumana keletso e molemo Khaolong ea 2, ea 5 le ea 15 bukeng eo.

3. U se ke ua lieha. Hase mathata a mangata a tla iphella ka booona haeba u a hlokomoloha. Ho e-na le hoo, hangata aa mpefala, ’me a u sithabetsa le ho feta. Hang ha u entse qeto ea hore na u tla sebetsana joang le boemo bo itseng bo u sithabetsang, u se ke ua lieha. Etsa seo hang-hang. Ka mohlala, haeba u Paki ea Jehova ’me u leka ho phela ka melao ea Bibele ea boitšoaro, tsebisa ba bang seo kapele kamoo ho ka khonehang. Ho etsa joalo ho ka u fokoletsa ho sithabela. Marchet ea lilemo li 20, o re: “Selemo le selemo ha likolo li buloa, ke ne ke qala ho bua ka taba e itseng eo ke tsebang hore e tla mpha monyetla oa ho hlalosa melao ea Bibele eo ke phelang ka eona. Ke ile ka hlokomela hore haeba ke lieha ho itsebahatsa hore ke Paki, ho ne ho e-ba thata haholoanyane ha nako e ntse e ea. Ke ne ke thusoa ke ho itsebahatsa le hore ka mor’a moo ke qete selemo seo ke phela tumellanong le seo ke se lumelang.”

4. Kōpa thuso. Esita le motho ea shahlileng ka ho fetisisa ea phahamisang litšepe, ho na le moo a fellang teng. Ho joalo le ka uena. Empa ha ho hlokahale hore u kiba-kibe ka bothata u le mong. (Bagalata 6:2) Ke hobane’ng ha u sa buisane le batsoali ba hao kapa Mokreste e mong ea hōlileng tsebong? Ba bontše likarabo tseo u li ngotseng pejana khaolong ena. Ebe u ba kōpa hore ba u fe litlhahiso.

Na ho na le Mohla ho ba Tlas’a Khatello Kelellong ho ka Bang Molemo?

U ka ’na ua thatafalloa ho lumela seo, empa taba ea hore ebe u ikutloa u le tlas’a khatello e itseng kelellong, ha e le hantle ke ntho e molemo. Hobane’ng? Seo se bontša hore ua ikitlaetsa le hore letsoalo la hao le ntse le sebetsa. Ela hloko kamoo Bibele e hlalosang motho ea bonahalang a se tlas’a khatello kelellong: “U tla robala moo halelele hakae u sa etse letho? U tla tsoha neng u tlohele ho robala? Robala ho se hokae. E-re shoa! hanyenyane. Phutha matsoho. Ha u re phapha! tsohle li ile, joalokaha eka li nkiloe ke lesholu le hlometseng.”—Liproverbia 6:9-11, Contemporary English Version.

Heidi ea lilemo li 16, o akaretsa taba ena hantle. O re: “Ho ka ’na ha bonahala eka sekolo ke sebaka se sebe, empa khatello eo u tobanang le eona ha u le moo ke eo u tla tobana le eona le ha u se u sebetsa.” Ke ’nete hore ho sebetsana le ho sithabela ha ho bonolo. Empa haeba u sebetsana le hona hantle, ho ke ke ha u ntša kotsi. Ha e le hantle, ho ka u tiisa haholoanyane.

KHAOLONG E LATELANG

Na ho tlohela sekolo ke tharollo mathateng a hao?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 20 bukeng ena.

LENGOLO LA SEHLOOHO

‘Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho Molimo, hobane oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.

KELETSO

Arola lintho tse u sithabetsang ka mahlopho—e be tseo u ka etsang ho hong ka tsona le tseo u ke keng ua etsa letho ka tsona. Qala ka mathata ao u ka etsang ho hong ka ’ona. Ha mathata ao a se a rarolohile—haeba ho tla ke ho etsahale—u tla ba le nako e ngata ea ho nahana ka mathata ao u ke keng ua khona ho a rarolla.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Ho robala ka ho lekaneng bosiu ka bong—bonyane lihora tse robeli—ho u thusa hore u sebetsane le ho sithabela ’me ho boetse ho ntlafatsa tsela eo u hopolang lintho ka eona.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

E le hore ke sebetsane le ho sithabela, ke entse qeto ea hore ha ho khoneha ke tla robala ka ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha u ka sithabela le ho feta ha u batla hore lintho li etsoe ka tsela e phethahetseng?

● U ka buisana le mang haeba u ikutloa u sithabetse?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 132]

“Letsatsi le leng le le leng, Ntate o ne a rapela le ’na pele a ntheola sekolong. Seo se ne se etsa hore ke ikutloe ke sireletsehile.”—Liz

[Setšoantšo se leqepheng la 131]

Feela joalokaha ho phahamisa litšepe ka tsela e nepahetseng ho ka etsa hore u shahle, ho sebetsana ka tsela e nepahetseng le ho sithabela ho ka u tiisa haholoanyane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela