Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • fg thuto 1 lipotso 1-3
  • Litaba Tse Molemo ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tse Molemo ke Eng?
  • Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta ka Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
fg thuto 1 lipotso 1-3

Thuto 1

Litaba Tse Molemo ke Eng?

1. Litaba tse tsoang ho Molimo ke eng?

Batho ba thabelang ho phela lefatšeng

Molimo o batla hore batho ba thabele ho phela lefatšeng. O ile a bōpa lefatše le lintho tsohle tse ho lona hobane a rata batho. Haufinyane o tla nka bohato e le hore a fe batho bokamoso bo molemo naheng e ’ngoe le e ’ngoe. O tla lokolla batho linthong tse bakang mahlomola.​—Bala Jeremia 29:11.

Ha ho na ’muso o kileng oa felisa liketso tse mabifi, ho hloka toka, maloetse kapa lefu. Empa ho na le litaba tse molemo. Haufinyane Molimo o tla hloma ’muso oa hae o tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka. Batho ba busoang ke ’muso oa hae ba tla thabela ho phela ka khotso le ho ba le bophelo bo botle.​—Bala Esaia 25:8; 33:24; Daniele 2:44.

2. Ke hobane’ng ha litaba tse molemo li le bohlokoa hakaale?

Mahlomola a tla fela ha Molimo a felisa batho ba khopo lefatšeng. (Sofonia 2:3) See se tla etsahala neng? Lentsoe la Molimo le ile la bolela esale pele ka maemo ao hona joale a behileng bophelo ba batho kotsing. Lintho tse etsahalang hona joale li bontša hore nako ea hore Molimo a nke bohato e atametse.​—Bala 2 Timothea 3:1-5.

3. Ke’ng seo re lokelang ho se etsa?

Re lokela ho ithuta ka Molimo ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele. E tšoana le lengolo le tsoang ho ntate ea lerato. E re bolella kamoo re ka thabelang bophelo bo molemo kateng hona joale, le ho thabela ho phela ka ho sa feleng lefatšeng nakong e tlang. Ke ’nete hore batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba thabela taba ea hore u fumane thuso ea ho utloisisa Bibele. Empa ha ua lokela ho lumella letho ho u sitisa ho fumana bokamoso bo molemo.​—Bala Liproverbia 29:25; Tšenolo 14:6, 7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela