Thuto 6
Ho na le Tšepo Efe ka Bafu?
1. Ke litaba life tse molemo ka bafu?
Ha Jesu a fihla Bethani e haufi le Jerusalema, motsoalle oa hae Lazaro o ne a se a e-na le matsatsi a mane a shoele. Jesu o ile a ea lebitleng a e-na le Maretha le Maria, likhaitseli tsa mofu. Bongata bo ile ba bokana ka ho panya ha leihlo. Na u bona thabo eo Maretha le Maria ba ileng ba e-ba le eona ha Jesu a tsosa Lazaro?—Bala Johanne 11:21-24, 38-44.
Maretha o ne a se a ntse a tseba litaba tse molemo ka bafu. O ne a tseba hore Jehova o tla tsosa bafu hore ba tl’o phela hape lefatšeng.—Bala Jobo 14:14, 15.
2. Ho etsahala’ng ka batho ba shoeleng?
Molimo o ile a re ho Adama: “U lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.”—GENESE 3:19.
Batho ba entsoe ka lerōle. (Genese 2:7; 3:19) Ha re meea e phelang ka har’a ’mele oa nama. Re libōpuoa tsa nama, kahoo ha ho letho la rōna le pholohang ha re e-shoa. Ha re e-shoa, boko ba rōna le bona boa shoa, ’me menahano ea rōna ea timela. Kahoo, Lazaro ha aa ka a bua letho ka se mo etsahaletseng nakong ea ha a shoele, hobane bafu ha ba tsebe letho.—Bala Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5, 6, 10.
Na Molimo o hlokofatsa bafu ka mollo? Kaha Bibele e re bafu ha ba tsebe letho, ho hlakile hore thuto ea mollo oa lihele ke leshano le etselletsang Molimo. Taba ea ho hlokofatsa batho ka mollo ea nyonyeha mahlong a hae.—Bala Jeremia 7:31.
Shebella video ea Bafu ba Hokae?
3. Na bafu ba ka bua le rōna?
Bafu ba ke ke ba bua kapa ba utloa. (Pesaleme ea 115:17) Empa ho na le mangeloi a khopo, ’me a ka bua le batho a ba a iketsa eka ke bafu. (2 Petrose 2:4) Jehova o hloile ha re leka ho bua le bafu.—Bala Deuteronoma 18:10, 11.
4. Ho tla tsosoa bo-mang?
Batho ba limilione ba shoeleng, ba tla phela hape lefatšeng. Esita le ba bang ba ileng ba etsa lintho tse mpe hobane ba sa ka ba rutoa ka Molimo, ba tla tsosoa.—Bala Luka 23:43; Liketso 24:15.
Batho ba tsositsoeng ba tla khona ho rutoa ’nete ka Molimo, ebe ba bontša tumelo ho Jesu ka hore ba mo mamele. (Tšenolo 20:11-13) Batho ba tla beng ba tsositsoe, ebe ba etsa lintho tse ntle, ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Bala Johanne 5:28, 29.
5. Tsoho e re ruta eng ka Jehova?
Molimo o entse hore tšepo ea tsoho e be ea sebele, ka ho romela Mora oa hae hore a re shoele. Kahoo, tsoho e re ruta ka lerato la Jehova le mosa oa hae o sa re tšoanelang. Ha bafu ba tsoha, ke bo-mang ka ho khetheha bao u batlang ho ba bona?—Bala Johanne 3:16; Baroma 6:23.