Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • fg thuto 7 lipotso 1-5
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
  • Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
fg thuto 7 lipotso 1-5

Thuto 7

’Muso oa Molimo ke Eng?

1. ’Muso oa Molimo ke Eng?

1.’Muso oa Molimo leholimong; 2. Jesu o folisa molepera

Ke’ng e etsang hore Jesu e be Morena ea tšoanelehang?​—MAREKA 1:40-42.

’Muso oa Molimo ke puso e busang e le leholimong. O tla nka sebaka sa mebuso e meng eohle ’me o tla etsa hore thato ea Molimo e etsahalale leholimong le lefatšeng. Ke litaba tse molemo hore ebe Molimo o tla sebelisa ’Muso oa hae ka tsela ena. Haufinyane, ’Muso oo o tla khotsofatsa takatso ea batho ea puso e molemo. O tla kopanya bohle ba phelang lefatšeng.​—Bala Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10; 24:14.

’Muso o tlameha ho ba le morena. Kahoo, Jehova o khethile Mora oa hae, Jesu Kreste hore e be Morena oa ’Muso oa Hae.​—Bala Tšenolo 11:15.

Shebella video ea ’Muso oa Molimo ke Eng?

2. Ke hobane’ng ha Jesu e le Morena ea tšoanelehang?

Mora oa Molimo ke ’Musi ea tšoanelehang hobane o mosa ebile o emela se nepahetseng ka tieo. (Matheu 11:28-30) Hape o na le matla a lekaneng hore a thuse batho hobane o tla busa lefatše a le leholimong. Ka mor’a hore a tsosoe, o ile a nyolohela leholimong eaba o lula a letile ka letsohong le letona la Jehova. (Baheberu 10:12, 13) Qetellong, Molimo o ile a mo fa matla a hore a qale ho busa.​—Bala Daniele 7:13, 14.

3. Ke bo-mang ba tla busa le Jesu?

Sehlopha se bitsoang “bahalaleli” se tla busa le Jesu leholimong. (Daniele 7:27) Bahalaleli ba pele ba ileng ba khethoa, ke baapostola ba tšepahalang ba Jesu. Ho fihlela joale Jehova o ntse a khetha banna le basali ba tšepahalang hore e be bahalaleli. Ba tsosoa ka ’mele oa moea joaloka Jesu.​—Bala Johanne 14:1-3; 1 Bakorinthe 15:42-44.

Ke batho ba bakae ba eang leholimong? Jesu o itse ke “mohlatsoana.” (Luka 12:32) Qetellong ba tla ba 144 000. Ba tla busa lefatše le Jesu.​—Bala Tšenolo 14:1.

4. Ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a qala ho busa?

Thuto ea Bibele

’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914.a Ntho ea pele eo Jesu a ileng a e etsa ha e-ba Morena, e bile ho lihela Satane le bademona ba hae lefatšeng. Satane o ile a halefa ’me a qala ho baka likhathatso lefatšeng lohle. (Tšenolo 12:7-10, 12) Ho tloha nakong eo, bomalimabe ba batho bo ile ba eketseha haholo. Lintoa, litlala, mafu a seoa le litšisinyeho tsa lefatše kaofela ke karolo ea “pontšo” ea hore haufinyane ’Muso o tla laola lefatše.​—Bala Luka 21:7, 10, 11, 31.

5. ’Muso oa Molimo o finyella eng?

Ka mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle, ’Muso oa Molimo o kopanya batho ba bangata haholo ba lichaba tsohle. Batho ba bonolo ba limilione ba khetha ho busoa ke Jesu. ’Muso oa Molimo o tla ba sireletsa ha o timetsa puso e khopo e busang lefatšeng hona joale. Kahoo, bohle ba batlang ho rua molemo ’Musong oa Molimo ba lokela ho ithuta ho mamela Jesu.​—Bala Tšenolo 7:9, 14, 16, 17.

Bafo ba ’Muso oa Molimo lefatšeng la Paradeise

Ka lilemo tse 1 000 feela, ’Muso ona o tla finyella seo Molimo a neng a se reretse batho tšimolohong. Lefatše lohle e tla ba paradeise. Qetellong, Jesu o tla busetsa ’Muso ho Ntate oa hae. (1 Bakorinthe 15:24-26) Na ho na le motho eo u mo tsebang eo u ka ratang ho mo bolella ka ’Muso oa Molimo?​—Bala Pesaleme ea 37:10, 11, 29.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 8 le ea 9 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na boprofeta ba Bibele bo hlalosa 1914 joang, sheba leqephe la 215-218 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela