Thuto 11
Melao ea Bibele e ka re Tsoela Molemo Joang?
1. Ke hobane’ng ha re hloka tataiso?
Litaelo tsa Bibele li ka re thusa joang hore re qobe lintho tse tla re ntša kotsi?—PESALEME EA 36:9.
’Mōpi oa rōna o bohlale ho re feta. Joaloka Ntate ea lerato, oa re tsotella. Hape, o ne a sa rerela batho hore ba ipuse. (Jeremia 10:23) Kahoo, feela joalokaha ngoana e monyenyane a hloka tataiso ea batsoali, kaofela ha rōna re hloka tataiso ea Molimo. (Esaia 48:17, 18) Melao ea Bibele e re fa tataiso eo e leng mpho e tsoang ho Molimo.—Bala 2 Timothea 3:16.
Melao ea Jehova e re ruta tsela e molemo ea ho phela hona joale, ’me e re bontša kamoo re ka fumanang bophelo bo sa feleng kateng nakong e tlang. Kaha Molimo ke eena ea re bōpileng, re tla be re etsa hantle ha re lumela ho tataisoa ke eena.—Bala Pesaleme ea 19:7, 11; Tšenolo 4:11.
2. Lentsoe la Molimo le re tataisa joang?
Linnete tse ling tsa motheo tse ka Bibeleng li re bontša seo Molimo a batlang hore re se etse maemong a fapaneng. Melao e meng e sebetsa maemong a khethehileng. (Deuteronoma 22:8) Re tlameha ho sebelisa bokhoni ba rōna ba ho nahana e le hore re utloisise seo ’nete ea Bibele e se bolelang. (Liproverbia 2:10-12) Ka mohlala, Bibele e ruta hore bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo. ’Nete ena ea motheo e ka re tataisa. Haeba re lula re hopola ’nete ena ea motheo ea hore bophelo ke mpho, re tla etsa bonnete ba hore ha re behe bophelo ba rōna kapa ba batho ba bang kotsing.—Bala Liketso 17:28.
3. Ke litaelo life tse peli tsa bohlokoa ka ho fetisisa?
Jesu o buile ka litaelo tse peli tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Ea pele e bontša seo batho ba neng ba reretsoe ho se etsa, e leng ho tseba Molimo, ho mo rata le ho mo sebeletsa ka botšepehi. Re lokela ho hopola taelo ena ea pele liqetong tsohle tseo re li etsang. (Liproverbia 3:6) Batho ba sebelisang taelo ena e ba metsoalle ea Molimo, ba thaba e le ka ’nete ’me ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Bala Matheu 22:36-38.
Taelo ea bobeli e ka re thusa hore re be le khotso le batho ba bang. (1 Bakorinthe 13:4-7) Ho sebelisa taelo ena ea bobeli ho akarelletsa ho etsisa tsela eo Molimo a tšoarang batho ka eona.—Bala Matheu 7:12; 22:39, 40.
4. Melao ea Bibele e ka re tsoela molemo joang?
Melao ea Molimo e ruta malapa hore a ratane. (Bakolose 3:12-14) Lentsoe la Molimo le boetse le sireletsa malapa ka ho a ruta ’nete ea motheo e a tataisang ea hore lenyalo e tlameha ho ba tlamahano ea ka ho sa feleng.—Bala Genese 2:24.
Ha re latela litaelo tsa Bibele re tla khona ho sireletsa lintho tsa rōna tsa bohlokoa, tse kang mesebetsi ea boipheliso ’me re tla thaba. Ka mohlala, hangata bahiri ba khetha ho sebeletsoa ke batho ba phelang ka melao ea Bibele, ba tšepahalang le ba sebetsang ka thata. (Liproverbia 10:4, 26; Baheberu 13:18) Lentsoe la Molimo le boetse le re ruta ho khotsofalla ho ba le lintho tseo re li hlokang feela, le ho nka setsoalle sa rōna le Molimo e le sa bohlokoa ho feta maruo.—Bala Matheu 6:24, 25, 33; 1 Timothea 6:8-10.
Ho phela ka litaelo tsa Bibele ho ka etsa hore re be le bophelo bo botle. (Liproverbia 14:30; 22:24, 25) Ka mohlala, ho mamela molao oa Molimo oa hore re qobe botahoa, ho re sireletsa maloetseng le likotsing tse bolaeang. (Liproverbia 23:20) Jehova ha a re hanele ho noa, empa o batla hore re noe ka ho lekaneng. (Pesaleme ea 104:15; 1 Bakorinthe 6:10) Melao ea Molimo ha e re thuse ho laola boitšoaro ba rōna feela empa e re thusa le ho laola menahano ea rōna. (Pesaleme ea 119:97-100) Leha ho le joalo, Bakreste ha ba mamele melao ea Molimo hobane feela ba batla hore e ba tsoele molemo. Ba e mamela hore ba tlotlise Jehova.—Bala Matheu 5:14-16.