Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • hf karolo 1 maq. 3-5
  • Kōpa Thuso ho Molimo Hore U Thabe Lenyalong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kōpa Thuso ho Molimo Hore U Thabe Lenyalong
  • Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 AMOHELA BOIKARABELO BOO JEHOVA A U FILENG BONA
  • 2 AMEHA E LE KANNETE KA MAIKUTLO A MOLEKANE OA HAO
  • 3 NKA HORE LE THIMI E SEBETSANG ’MOHO
  • Ho Tšoara Molekane oa Hao ka Tlhompho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Tšepahala ho Molekane oa Hao
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Kamoo U ka Phelisanang ka Khotso le Beng ka Uena
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Tharollo ea Litletlebo Tse Tloaelehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
hf karolo 1 maq. 3-5
Monna le mosali ka letsatsi la bona la lechato

KAROLO EA 1

Kōpa Thuso ho Molimo Hore U Thabe Lenyalong

“Ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali.” —Matheu 19:4

Jehovaa Molimo ke eena ea thehileng lenyalo la pele. Bibele e re bolella hore o ile a etsa mosali oa pele ’me a “mo tlisa ho monna.” Adama o ile a thaba hoo a ileng a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka.” (Genese 2:22, 23) Jehova o ntse a batla hore batho ba nyalaneng ba thabe.

Ha u kena lenyalong, u ka ’na ua nahana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla tsamaea hantle. Empa ha e le hantle, esita le monna le mosali ba ratanang e le kannete ba tla ba le mathata mona le mane. (1 Bakorinthe 7:28) Bukaneng ena, u tla fumana melao-motheo ea Bibele, eo haeba u e sebelisa e ka u tlisetsang thabo lenyalong le lelapeng la hao.—Pesaleme ea 19:8-11.

1 AMOHELA BOIKARABELO BOO JEHOVA A U FILENG BONA

SEO BIBELE E SE BUANG: Monna ke hlooho ea lelapa. —Baefese 5:23.

Haeba u monna, Jehova o lebeletse hore u hlokomele mosali oa hao ka mosa. (1 Petrose 3:7) O entse mosali hore e be motlatsi oa hao ’me o batla hore u mo tšoare ka tlhompho le lerato. (Genese 2:18) U lokela ho rata mosali oa hao hoo u ikemiselitseng ho etelletsa lintho tseo a li ratang ka pele ho tsa hao.—Baefese 5:25-29.

Haeba u mosali, Jehova o lebeletse hore u hlomphe monna oa hao ka ho tebileng ’me u mo thuse ho phetha boikarabelo ba hae. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 5:33) Tšehetsa liqeto tseo a li etsang ’me u sebelisane le eena ka pelo ea hao eohle. (Bakolose 3:18) Ha u etsa joalo, u tla ba motle mahlong a monna oa hao le a Jehova.—1 Petrose 3:1-6.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Botsa molekane oa hao hore na u ka etsa’ng hore u be monna kapa mosali ea molemo. Mamela ka hloko, ’me u etse seo u ka se khonang hore u ntlafatse

  • E-ba le mamello. Ho tla nka nako hore ka bobeli le ithute ho etsa lintho tse thabisang molekane e mong

2 AMEHA E LE KANNETE KA MAIKUTLO A MOLEKANE OA HAO

SEO BIBELE E SE BUANG: U lokela hore u hlokomele lintho tseo molekane oa hao a li thahasellang. (Bafilipi 2:3, 4) Tšoara molekane oa hao e le motho oa bohlokoa haholo, u hopole hore Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba “be bonolo ho bohle.” (2 Timothea 2:24) ‘Ea buang a sa nahane o joaloka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.’ Kahoo, khetha mantsoe ka hloko. (Liproverbia 12:18) Moea oa Jehova o tla u thusa hore u bue ka mosa le lerato.—Bagalata 5:22, 23; Bakolose 4:6.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Rapella hore u khobe matšoafo ’me u lule u butse kelello pele le tšohla litaba tse tebileng le molekane oa hao

  • Nahana ka hloko ka seo u tla se bua le kamoo u tla se bua kateng

3 NKA HORE LE THIMI E SEBETSANG ’MOHO

SEO BIBELE E SE BUANG: Ha u kena lenyalong, u fetoha “nama e le ’ngoe” le molekane oa hao. (Matheu 19:5) Empa le ntse le le batho ba babeli ’me le ka ba le maikutlo a sa tšoaneng. Kahoo, le lokela ho ithuta ho momahana kelellong le maikutlong. (Bafilipi 2:2) Ho ba le bonngoe ke habohlokoa ha le etsa liqeto. Bibele e re: “Ka keletso [puisano] merero e tiisoa ka thata.” (Liproverbia 20:18) Lumellang melao-motheo ea Bibele ho le tataisa ha le etsa liqeto tsa bohlokoa hammoho. —Liproverbia 8:32, 33.

Banyalani ba sebetsa hammoho ha ba hlatsoa liaparo le lijana

SEO U KA SE ETSANG:

  • Tšollela molekane oa hao maikutlo, eseng feela ho mo phetela taba kapa khopolo e itseng

  • Buisana le molekane oa hao pele u itlama ho etsa lintho tse itseng

a Jehova ke lebitso la Molimo joalokaha le senotsoe ka Bibeleng.

TALIMA LITABA KA TSELA EA SEBELE ’ME U BE LE TŠEPO

U se ke ua lebella phetheho ho uena kapa ho molekane oa hao. (Pesaleme ea 103:14; Jakobo 3:2) Khetha ho tsepamisa kelello litšobotsing tse ntle tsa molekane oa hao. E-ba le tšepo ea hore melao-motheo ea Bibele e tla sebetsa ’me u be le mamello. (2 Timothea 3:16) Jehova o tla u putsa ka boiteko boo u bo etsang hore u latele keletso ea hae ’me lenyalo la hao le tla matlafala haholo selemo le selemo.—Bagalata 6:9.

IPOTSE . . .

  • Na molekane oa ka o oa utloa hore ke amehile ka eena ho feta kamoo ke amehileng ka ’na?

  • Kajeno ke entse’ng ho bontša hore ke rata molekane oa ka ebile kea mo hlompha?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela