Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 83 leq. 194-leq. 195 ser. 2
  • Molimo o Mema Bo-Mang Lijong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Mema Bo-Mang Lijong?
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Menngoe ke Mofarisi
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lijong ha Mofarisi ea Tsebisahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na U Batla ho ba oa Pele Kamehla?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Setšoantšo sa Mokete oa Lenyalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 83 leq. 194-leq. 195 ser. 2
Batho ba futsanehileng, ba holofetseng, ba nang le bokooa le ba sa boneng ba tla moketeng oa lijo tsa mantsiboea

KHAOLO EA 83

Molimo o Mema Bo-mang Lijong?

LUKA 14:​7-24

  • THUTO E MABAPI LE BOIKOKOBETSO

  • BAMEMUOA BA FANA KA MABAKA A HO SE TLE

Ka mor’a hore Jesu a folise monna ea khotšeng seema, o tsoela pele a ntse a lutse ka tlung ea Mofarisi. Jesu o shebeletse ha bamemuoa ba bang ba khetha ho lula libakeng tse hlaheletseng lijong, ’me o sebelisa monyetla ona ho ruta bamameli ba hae boikokobetso.

Jesu o re: “Ha u memiloe ke e mong moketeng oa lenyalo, u se ke ua sekama sebakeng se hlaheletseng ka ho fetisisa. Mohlomong ka nako eo e mong ea hlaheletseng ho u feta e ka ’na eaba o memiloe ke eena, ’me ea memileng uena le eena o tla tla ’me a re ho uena, ‘E-re motho enoa a fumane sebaka sena.’ Joale u tla qala ho tloha ka lihlong ho ea lula sebakeng se tlaase-tlaase.”​—Luka 14:​8, 9.

Jesu o tsoela pele o re: “Empa ha u memiloe, u ee ’me u otle ka lehlakore sebakeng se tlaase-tlaase, e le hore ha motho ea u memileng a tla a tle a re ho uena, ‘Motsoalle, nyolohela holingoana.’ Joale u tla hlompheha ka pel’a baeti-’moho le uena kaofela.” Ho etsa joalo ha se feela ho ba le mekhoa e metle. Jesu o hlalosa ho ea pele o re: “Etsoe e mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa ’me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.” (Luka 14:​10, 11) Ha e le hantle, mona o khothaletsa bamameli ba hae hore ba ikokobetse.

Hape Jesu o hlahisa ntlha e ’ngoe bakeng sa Mofarisi ea mo memmeng, ea hore na a ka teka tafole joang ka tsela e tla khahlisa Molimo. O re: “Ha u lokisetsa lijo tsa motšehare kapa lijo tsa shoalane, u se ke ua bitsa metsoalle ea hao kapa barab’eno kapa beng ka uena kapa baahelani ba ruileng. Mohlomong ka nako e ’ngoe le bona ka ho tšoanang ba ka ’na ba u mema ’me e ne e tla ba puseletso ho uena. Empa ha u lokisetsa mokete, u meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng, ’me u tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka u buseletsang ka lona.”​—Luka 14:​12-14.

Ho tloaelehile hore motho a meme metsoalle, beng ka eena, kapa baahisani hore ba tle lijong, ’me Jesu ha a bolele hore ke phoso ho etsa joalo. Leha ho le joalo, o hatisa taba ea hore ho memela batho ba hlokang lijong, joaloka ba futsanehileng, ba holofetseng, kapa ba sa boneng, ho ka tlisa litlhohonolofatso tse enneng. Jesu o hlalosetsa motho ea mo memmeng o re: “U tla buseletsoa tsohong ea ba lokileng.” Motho e mong ea menngoeng o lumellana le eena o re: “Ho thaba ea jang bohobe ’Musong oa Molimo.” (Luka 14:​15) Motho enoa oa hlokomela hore eo e tla ba tlotla e kholo.

Leha ho le joalo, ha se bohle ba nkang ntho ena e le tlotla, joalokaha Jesu a bontša papisong e latelang. O re: “Motho ea itseng o ne a lokisetsa lijo tse kholo tsa shoalane, eaba o mema ba bangata. Eaba o roma lekhoba la hae . . . hore le re ho ba memiloeng, ‘Tloong, hobane joale lintho li lokile.’ Empa kaofela ba qala ho ikhula ka ho tšoanang. Oa pele a re ho eena, ‘Ke rekile tšimo ’me ho hlokahala hore ke tsoe ’me ke e bone, kea u kopa, e-re ke lokolohe.’ E mong a re, ‘Ke rekile lijoko tse hlano tsa likhomo ’me ke il’o li hlahloba, kea u kopa, e-re ke lokolohe.’ E mong hape a re, ‘Ke sa tsoa nyala mosali ’me ka lebaka lena nke ke ka tla.’ ”​—Luka 14:​16-20.

Mabaka aa ke a fokolang hakaakang! Ka tloaelo motho o hlahloba masimo kapa mohlape pele a o reka, kahoo ha se ntho e potlakileng ho ea li hlahloba a se a li rekile. Monna oa boraro o ntse a sa itlhophele ho nyala. O se a ntse a nyetse, kahoo ha ho letho le neng le ka mo thibela ho amohela memo ena ea bohlokoa.

Ha motho ea ba memmeng a utloa mabaka ana, oa halefa ’me o re ho lekhoba la hae: “Tsoela litseleng tse sephara le litselaneng tsa motse kapele, ’me u tlise mafutsana le ba hlotsang le ba foufetseng le ba holofetseng.” Ka mor’a hore lekhoba le etse joalo, ho bonahala hore ho ntse ho e-na le sebaka. Kahoo, mong’a ntlo o re ho lekhoba la hae: “Tsoela litseleng le libakeng tse etselitsoeng metero, ’me u ba susumelletse ho kena, e le hore ntlo ea ka e ka tlala. Etsoe ke re ho lona, ha ho le ea mong oa banna bao ba neng ba memiloe ea tla latsoa lijo tsa ka tsa shoalane.”​—Luka 14:​21-24.

Taba ena eo Jesu a sa tsoa e hlalosa e hlakisa hantle kamoo Jehova Molimo a ileng a laela Jesu Kreste kateng hore a meme batho hore ba itokisetse ho ea phela ’Musong oa Molimo o tla busa o le leholimong. Batho ba pele ba ho mengoa ke Bajuda, haholo-holo baeta-pele. Boholo ba bona ba ile ba hana ho amohela memo ena nakong eohle ha Jesu a ntse a le lefatšeng mona. Leha ho le joalo, ha se bona feela ba mengoang. Ho hlakile hore Jesu o bolela hore ho tla ba le memo ea bobeli ha ho mengoa Bajuda ba ikokobelitseng le batho ba sokolohetseng Bojudeng. Ka mor’a moo, ho tla ba le memo ea boraro ebile e le ea ho qetela, ea batho bao Bajuda ba nkang hore Molimo a ke ke a ba amohela.​—Liketso 10:​28-48.

Ha e le hantle, seo Jesu a se buang se tiisa mantsoe a motho eane e mong ea menngoeng lijong, ea ileng a re: “Ho thaba ea jang bohobe ’Musong oa Molimo.”

  • Jesu o hlalosa thuto ea boikokobetso joang?

  • Motho ea memelang batho lijong a ka etsa joalo ka tsela e khahlisang Molimo joang, ’me ke hobane’ng ha ho etsa joalo ho ka mo thabisa?

  • Jesu o hatisa ntlha efe papisong ea hae ea lijo tsa shoalane?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela