Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
Bahoeletsi-’moho le Rona Boboleling ba Litaba Tse Molemo:
Ke tlotla e kaakang hore ebe re ngatana-’ngoe borapeling ba Jehova, Molimo a le mong feela oa ’nete! Re “basebetsi-’moho” le eena, ba filoeng boikarabelo ba ho etsa mosebetsi o halalelang le o pholosang bophelo oa ho bolela le ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae o hlomiloeng. (1 Bakor. 3:9; Mat. 28:19, 20) E le hore re phethe mosebetsi ona o etsoang lefatšeng lohle ka khotso re bile re le bonngoeng, re tlameha ho hlophiseha.—1 Bakor. 14:40.
Buka ena e tla u thusa ho utloisisa hore na phutheho e sebetsa joang kajeno. E bontša menyetla eo u nang le eona le boikarabelo boo u nang le bona joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Haeba u nka boikarabelo ba hao e le ba bohlokoa, u tla “tiisoa tumelong.”—Lik. 16:4, 5; Bagal. 6:5.
Kahoo, re u khothalletsa hore u bale buka ena ka hloko. U batle litsela tsa ho sebelisa seo u ithutileng sona. Ka mohlala, haeba u sa tsoa ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, u tlameha ho nka mehato efe e le hore u be Paki ea Jehova e kolobelitsoeng? Ka lehlakoreng le leng, haeba u kolobelitsoe, u ka etsa’ng hore u be le kamano e ntle le Jehova ’me u atolose tšebeletso ea hao? (1 Tim. 4:15) U ka etsa’ng e le hore ho be le khotso ka phuthehong? (2 Bakor. 13:11) Likarabo tsa lipotso tsena li hlaha bukeng ena.
Haeba u mor’abo rona ea kolobelitsoeng, u ka etsa’ng hore u be mohlanka ea sebeletsang ’me hamorao u be moholo? Ha batho ba ntse ba kena ka bongata ka phuthehong, ho potlakile hore ho be le barab’abo rona ba tšoanelehang ba ka etellang pele. Buka ena e tla u bontša seo u lokelang ho se etsa e le hore u ‘hahamalle’ ho ba moholo kapa mohlanka ea sebeletsang.—1 Tim. 3:1.
Re rapela ka tieo hore buka ena e le thuse ho bona hore na le lokela ho phetha karolo efe ka phuthehong ea Jehova le hore le e nke e le ea bohlokoa. Re le rata haholo kaofela ha lona ’me re lula re rapella hore le be har’a ba tla sebeletsa Jehova, Ntate oa rona ea leholimong ka ho sa feleng.—Pes. 37:10, 11; Esa. 65:21-25.
Barab’abo lona,
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova