POTSO EA 2
Ke Hobane’ng ha ke Khathatsehile ka Chebahalo ea ka?
U NE U TLA ETSA’NG?
Nahana ka sena: Ha Julia a icheba ka seiponeng, o ipona a le motenya. O batla ho fokotsa boima ba ’mele, le hoja batsoali le metsoalle ea hae ba mo bolella hore ha a motenya.
Morao tjena, Julia o se a nahana ho nka mehato e feteletseng hore a fokotse ’mele. O batla ho itima lijo ka matsatsi a seng makae . . .
Haeba e ne e le uena, u ne u tla etsa’ng?
NAHANISISA HANTLE!
Tsela eo u iponang ka eona e ka tšoana le ho icheba ka seiponeng se sa hlahiseng lintho hantle
Ha ho phoso ho khathatseha ka tsela eo u shebahalang ka eona. Ha e le hantle, Bibele e bua ka banna le basali ba neng ba le batle, ba akarelletsang Sara, Ragele, Abigaile, Josefa le Davida. E boetse e re mosali e mong ea neng a bitsoa Abishage “o ne a le motle ka ho fetisisa.”—1 Marena 1:4.
Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba khathatseha ho tlōla ka tsela eo ba shebahalang ka eona. Sena se ka ba bakela mathata. Nahana ka sena:
Phuputsong e ’ngoe, banana ba ka etsang liphesente tse 58 ba ne ba nahana hore ba batenya, athe ba batenya, ke ba etsang liphesente tse 17 feela.
Phuputsong e ’ngoe teng, basali ba etsang liphesente tse 45 ba neng ba le basesaane haholo, ba ne ba nahana hore ba nonne!
Bacha ba bangata ba neng ba leka ho fokotsa ’mele ba ile ba qetella ba tšoeroe ke anorexia, e leng boloetse bo kotsi bo bakoang ke ho itima lijo.
Haeba u na le matšoao a anorexia kapa bothata le ha e le bofe ba ho se je hantle, kōpa thuso. U ka bua le motsoali kapa motho e mong e moholo eo u mo tšepang. Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.
LINTHO TSA BOHLOKOA TSEO U KA LI NTLAFATSANG!
Ha e le hantle, botho ba motho ke bona bo etsang hore a ratehe. Ka mohlala, nahana ka mora oa Morena Davida, Absalome. Bibele e re ka eena:
“Ho ne ho se monna e motle hakaalo . . . hoo a rorisoang haholo hakaalo. O ne a se na sekoli.”—2 Samuele 14:25.
Empa mohlankana enoa o ne a ikhohomosa, a rata maemo a bile a le bolotsana! Kahoo, Bibele ha e bue hantle ka Absalome, ho e-na le hoo, e re o ne a sa tšepahale a bile a tletse lehloeo.
Ke kahoo Bibele e re eletsang tjena:
“Le ikapese botho bo bocha.”—Bakolose 3:10.
‘Le se ke la lumella mokhabo oa lōna hore e be oa ka ntle, empa e ke e be motho ea ka sephiring oa pelo.’—1 Petrose 3:3, 4.
Le hoja ho se letho le phoso ka ho batla ho shebahala hantle, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke botho ba hao. Ha u e-na le botho bo botle, batho ba tla u rata, ho feta feela ha u e-na le ’mele o motle! Ngoanana e mong ea bitsoang Phylicia o ile a re: “Le hoja botle bo ka hapa mahlo a batho, botho ba hao bo botle ke bona boo batho ba tla lula ba bo hopola.”
U SHEBAHALA JOANG?
Na ha u rate tsela eo u shebahalang ka eona?
Na u kile ua nahana ho etsa opereishene hore u lokise karolo e itseng ’meleng oa hao kapa ho itima lijo ka ho feteletseng e le hore u ntlafatse tsela eo u shebahalang ka eona?
Ke’ng eo u neng u ka e chencha ’meleng ua hao haeba u ne u ka khona? (E tšoaee.)
BOLELELE
BOIMA BA ’MELE
MORIRI
SEBŌPEHO SA ’MELE
SEFAHLEHO
’MALA OA LETLALO
Haeba u arabile lipotso tse peli tse ka holimo ka e, kapa u tšoaile lintho tse tharo kapa ho feta tseo u ka ratang ho li chencha, nahana ka sena: E ka ’na eaba batho ba bang ha ba bone u le mobe joalokaha u nahana. Ho bonolo hore motho a fetelletse lintho kapa a khathatsehe ho tlōla ka tsela eo a shebahalang ka eona.—1 Samuele 16:7.