THUTO EA 6
Batho ba Robeli ba Pholoha Moroallo
Noe o ile a kena ka arekeng le ba lelapa la hae le liphoofolo. Eaba Jehova o koala monyako ’me pula ea qala ho na. Ea na haholo hoo areka e ileng ea qala ho lula ka holim’a metsi. Qetellong lefatše kaofela la koaheloa ke metsi. Batho bohle ba ka ntle ho areka ba ile ba shoa. Empa Noe le ba lelapa la hae ba ne ba sireletsehile ka arekeng. Ba ne ba thabile haholo hore ebe ba mametse Jehova.
Pula e ile ea na bosiu le motšehare ka matsatsi a 40. Ka mor’a moo ea emisa. Eaba metsi a fokotseha butle-butle. Qetellong areka ea lula holim’a thaba. Noe le ba lelapa la hae ha baa ka ba tsoa ka arekeng hang-hang hobane metsi a ne a ntse a le mangata.
Ha nako e ntse e ea, metsi a ’na a fokotseha. Noe le ba lelapa la hae ba qetile nako e fetang selemo ba le ka arekeng. Eaba Jehova o re ba tsoe ka arekeng ’me ha ba tsoela ka ntle ba bona botle feela. Ba ne ba thabile hore ebe Jehova o ba pholositse eaba ba mo etsetsa sehlabelo.
Jehova le eena o ile a thabela sehlabelo seo. A ba tšepisa hore a ke ke a hlola a bolaea batho le liphoofolo ka moroallo. Jehova o ile a etsa mookoli ho bontša hore a ke ke a hlola a tlisa moroallo. Na u kile oa bona mookoli?
Eaba Jehova o bolella Noe le ba lelapa la hae hore ba be le bana ’me ba ngatafale lefatšeng.
‘Noe o ile a kena ka arekeng. [Batho] ha baa ka ba elelloa ho fihlela Moroallo o fihla, o ba hohola kaofela.’—Matheu 24:38, 39