THUTO EA 17
Moshe o Khetha ho Sebeletsa Jehova
Ba lelapa la Jakobo ba ne ba tsejoa ka hore ke Baiseraele ha ba le Egepeta. Ka mor’a lefu la Jakobo le la Josefa, Faro ea mocha o ile a qala ho busa. O ne a tšaba hore Baiseraele ba tla ba matla ho feta Baegepeta. Kahoo, Faro a etsa Baiseraele makhoba. A ba qobella hore ba etse litene le hore ba sebetse ka thata masimong. Baiseraele ba ’na ba eketseha le hoja Baegepeta ba ne ba ba sebelisa ka thata. Faro ha aa ka a thabela seo. Kahoo, a laela hore masea ’ohle a bashanyana a Baiseraele a bolaoe. Ak’u nahane feela hore na Baiseraele ba ile ba tšoha hakaakang.
’Mè e mong oa Moiseraele ea bitsoang Jokebede o ile a ba le ngoana oa moshanyana ea motle. A mo kenya ka basketeng eaba o mo pata mahlakeng a Noka ea Nile. Miriame o ne a lula a shebile baskete eo e le hore a bone se tla etsahala ka ngoan’abo.
Ha morali oa Faro a tla nokeng a tl’o hlapa, a bona baskete eo. Ha a e bula a fumana ngoana ea ntseng a lla, eaba o mo utloela bohloko. Miriame a mo botsa a re: ‘U batla ke u bitsetse mosali ea tla u nyantšetsa ngoana eo?’ Morali oa Faro a lumela, eaba Miriame o bitsa ’mè oa hae Jokebede. Morali oa Faro a re ho eena: ‘Nka ngoana enoa, u ’nyantšetse eena. Ke tla u patala.’
Ha ngoana a se a holile, Jokebede a mo khutlisetsa ho morali oa Faro. Eaba o mo reha Moshe ’me a mo holisa e le mora oa hae. Moshe o ile a hola e le ngoana oa morena, a e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. Empa ha aa ka a lebala Jehova. O ne a tseba hore ha se Moegepeta empa ke Moiseraele. Kahoo, a khetha ho sebeletsa Jehova.
Ha Moshe a le lilemo li 40, o ile a etsa qeto ea ho thusa batho ba habo. O ile a bona Moegepeta a otla Moiseraele. Kahoo, a otla Moegepeta eo a ba a mo bolaea. Moshe a pata setopo sa Moegepeta eo lehlabatheng. Ha Faro a utloa ka seo, a leka ho bolaea Moshe. Empa Moshe a baleha, a ipata naheng ea Midiane. Ha a le moo, Jehova a mo hlokomela.
“Moshe . . . o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore a hane ho bitsoa mora oa morali oa Faro. O ile a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo.”—Baheberu 11:24, 25