THUTO EA 27
Ba Ile ba Fetohela Jehova
Ka mor’a nakoana Baiseraele ba le lehoatateng, Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba fetohela Moshe. Ba ile ba re ho eena: ‘Re utloile ho lekane ke uena! Ke hobane’ng ha e lokela ho ba uena moeta-pele oa rona le Arone e lokela ho ba moprista ea phahameng? Le rona Jehova oa re sebelisa, ha a sebelise uena le Arone feela.’ Jehova ha aa ka a thabisoa ke seo. O ile a nka hore ba fetohela eena.
Moshe o ile a re ho Kora le batšehetsi ba hae: ‘Hosane le tle tabernakeleng le nkile lipane tsa mollo tse nang le libano. Jehova o tla re bontša hore na o khethile mang.’
Ka le hlahlamang, Kora le banna ba 250 ba ile ba ea tabernakeleng ho ea kopana le Moshe. Ba fihla ba chesa libano joalokaha eka ke baprista. Jehova o ile a re ho Moshe le Arone: ‘Ikaroleng ho Kora le banna ba hae.’
Le hoja Kora a ile a ea ho Moshe tabernakeleng, Dathane, Abirame le ba malapa a bona ba ile ba hana ho ea. Jehova o ile a re Baiseraele ba emelle hole le tente ea Kora, ea Dathane le ea Abirame. Kahoo, ba ikarola hang-hang. Dathane, Abirame le ba malapa a bona ba ema ka pel’a litente tsa bona. Ka tšohanyetso lefatše la ahlama ’me la ba koenya! Ha Kora le banna ba hae ba 250 ba le tabernakeleng, mollo oa theoha leholimong ’me oa ba chesa.
Jehova o ile a re ho Moshe: ‘Nka molamu oa moeta-pele oa leloko le leng le le leng ’me u ngole lebitso la hae ho oona. Empa molamung oa leloko la Levi, u ngole lebitso la Arone. U kenye melamu eo kaofela ka tabernakeleng. Molamu oa motho eo ke tla mo khetha o tla mela lipalesa.’
Ka le hlahlamang, Moshe o ile a ntša melamu eo ’me a e bontša baeta-pele ba sechaba. Molamu oa Arone o ne o metse lipalesa ebile o e-na le lialmonde tse butsoitseng. Ke eona tsela eo Jehova a ileng a bontša ka eona hore o khethile Arone hore e be moprista ea phahameng.
“Mamelang ba le etellang pele le be le ikokobeletse bona.”—Baheberu 13:17