Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 39 leq. 96
  • Morena oa Pele oa Iseraele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morena oa Pele oa Iseraele
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Saule—Morena oa Pele oa Iseraele
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • “Ho Mamela ho Molemo ho Feta Sehlabelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 39 leq. 96
Morena Saule o tšoara Samuele ka seaparo ’me sea taboha

THUTO EA 39

Morena oa Pele oa Iseraele

Jehova o ne a khethile baahloli hore ba etelle Baiseraele pele empa bona ba ne ba batla morena. Ba re ho Samuele: ‘Lichaba tse ling tsohle li na le marena. Le rona re batla morena.’ Taba eo ha ea ka ea tšoara Samuele hantle, kahoo a rapela Jehova ka taba ena. Jehova a re ho eena: ‘Batho bana ha ba lahle uena. Ba lahla ’na. Ba bolelle hore ba tla ba le morena empa morena eo o tla ba batla lintho tse ngata.’ Ho ntse ho le joalo, Baiseraele ba re: ‘Ha ho na taba. Re batla morena.’

Jehova a bolella Samuele hore monna ea bitsoang Saule e tla ba eena morena oa pele. Ha Saule a etetse Samuele motseng oa Rama, Samuele a mo tlotsa ka oli hloohong hore e be morena.

Hamorao Samuele a bitsa Baiseraele ho tla ba bontša morena oa bona e mocha. Empa ha ba fihla, ba fumana Saule a le sieo. Na oa tseba hore na o ne a le hokae? O ne a ipatile har’a thoto. Qetellong ha ba mo fumana, ba mo emisa ka pel’a sechaba. Saule o ne a le molelele ho feta batho bohle ’me a le motle haholo. Samuele a re: ‘Bonang motho eo Jehova a mo khethileng hore e be morena oa lona.’ Baiseraele ba hoeletsa ba re: ‘Morena a ke a phele!’

Qalong, Morena Saule o ne a mamela Samuele ’me a hlompha Jehova. Empa ha nako e ntse e ea a fetoha. Ka mohlala, morena o ne a sa tšoanela ho etsa mahlabelo. Ka lekhetlo le leng, Samuele o ile a re Saule a mo emele empa a lieha ho tla. Eaba Saule o etsa qeto ea hore o tla etsa sehlabelo seo. Samuele o ile a re’ng? O ile a re: ‘U ne u sa lokela ho tlola molao oa Jehova.’ Na Saule o ile a ithuta phosong ea hae?

Hamorao ha Saule a il’o loantša Baamaleke, Samuele o ile a mo bolella hore a ba bolaee kaofela. Empa Saule a khetha ho se bolaee Morena Agage. Jehova o ile a re ho Samuele: ‘Saule o mphuraletse, ha a sa ’mamela.’ Samuele o ile a utloa bohloko haholo ’me a re ho Saule: ‘Kaha ha u batle ho mamela, Jehova o tl’o khetha morena e mong.’ Ha Samuele a furalla a tsamaea, Saule a mo tšoara ka seaparo ’me sa taboha. Eaba Samuele o re ho Saule: ‘Jehova o tl’o u amoha ’muso.’ Jehova o ile a fela a mo amoha oona ’me a o fa motho ea mo ratang le ea mo mamelang.

“Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo.”—1 Samuele 15:22

Lipotso: Baiseraele ba ile ba kopa eng? Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lahla Saule?

1 Samuele 8:1-22; 9:1, 2, 15-17; 10:8, 20-24; 13:1-14; 15:1-35

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela