THUTO EA 40
Davida le Goliathe
Jehova o ile a re ho Samuele: ‘E-ea lelapeng la Jese. E mong oa bara ba hae e tla ba morena oa Iseraele.’ Kahoo, Samuele a ea lelapeng la Jese. Ha a bona mora e moholo, a re: ‘Enoa e tlameha ebe ke eena ea khethiloeng ke Jehova.’ Empa Jehova a bolella Samuele hore ha se eena. A re: ‘Ke sheba se ka pelong ea motho, eseng ponahalo ea hae feela.’
Jese o ile a tlisa bara ba hae ba bang ba tšeletseng ho Samuele. Empa Samuele a re ho eena: ‘Ho bana ha ho eo Jehova a mo khethileng. Na u na le bara ba bang?’ Jese a re: ‘Ke na le e mong oa ho fela, lebitso la hae ke Davida. O lisitse linku.’ Ha Davida a fihla, Jehova a re ho Samuele: ‘Ke khethile enoa!’ Samuele a tšela Davida ka oli hloohong, a mo tlotsa hore e be morena ea latelang oa Iseraele.
Ha nako e ntse e ea, Baiseraele ba ile ba ea ntoeng le Bafilista, ’me Bafilista ba ne ba e-na le lesole la senatla le bitsoang Goliathe. Goliathe o ne a rohaka Baiseraele letsatsi le letsatsi. O ile a hoeletsa a re: ‘Romelang monna ea tla loana le ’na. Ha a ka ntlhola, re tla ba bahlanka ba lona. Empa ha nka mo hlola le tla ba bahlanka ba rona.’
Davida o ne a tliselitse bo-abuti ba hae ba neng ba le lebothong la Iseraele lijo. Ha a utloa lipolelo tsa Goliathe a re: ‘Ke tla ea ke il’o mo loantša!’ Morena Saule a re: ‘Empa u sa le moshanyana.’ Davida a mo araba, a re: ‘Jehova o tla nthusa.’
Saule o ile a fa Davida liaparo tsa hae tsa ntoa, empa Davida a re: ‘Liaparo tsena lia nkimela, nke ke ka khona ho loana ke li apere.’ Eaba Davida o nka letjeketjane la hae o ea nokeng. A khetha majoe a mahlano a boreleli, a a kenya ka mokotleng oa hae. A ntan’o mathela ho Goliathe. Senatla seo sa hoeletsa, sa re: ‘Moshanyana tooe, tloo koano. Ke tl’o u fa linonyana tsa leholimo le liphoofolo tse hlaha.’ Empa Davida ha aa ka a tšoha. A mo araba, a re: ‘U tla ho ’na ka sabole le lerumo, empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova. Ha u loantše rona empa u loantša Molimo. Batho bohle ba tla bona hore Jehova o matla ho feta sabole kapa lerumo. O tla re thusa hore re le hlole.’
Davida a kenya lejoe letjeketjaneng la hae eaba o le betsa ka matla ’ohle a hae. Jehova a mo thusa hore a otle Goliathe ka lejoe leo phatleng. Senatla seo sa oela fatše. Eaba Bafilista baa baleha. Na le uena u tšepa Jehova joaloka Davida?
“Ho batho ho ke ke ha khoneha empa ho Molimo ha ho joalo hobane lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”—Mareka 10:27