THUTO EA 43
Morena Davida o Etsa Sebe
Davida e ile ea e-ba morena ka mor’a lefu la Saule. O ne a le lilemo li 30. Ho ile ha feta lilemo tse ngata e le morena ’me ka bosiu bo bong ha a le ka holim’a ntlo ea hae ea borena, a bona mosali e mong ea motle. Davida o ile a utloa hore lebitso la hae ke Bathe-sheba ’me monna oa hae ke Uria le hore ke lesole. Davida o ile a bitsetsa Bathe-sheba ntlong ea hae ea borena eaba o robala le eena ’me Bathe-sheba a ima. Davida o ile a leka ho pata seo a se entseng. A bolella molaoli oa sesole hore a behe Uria ka pele ntoeng ebe ba chechella morao. Ka mor’a hore Uria a bolaoe ntoeng, Davida a nyala Bathe-sheba.
Empa Jehova o ile a bona lintho tsohle tse mpe tse etsahetseng. O ile a etsa’ng? O ile a roma moprofeta Nathane ho Davida. Nathane a fihla a re: ‘Monna e mong oa morui o ne a e-na le linku tse ngata ’me oa mofutsana a e-na le e le ’ngoe feela eo a e ratang haholo. Monna oa morui o ile a nka nku ea monna eo oa mofutsana.’ Davida o ile a halefa eaba o re: ‘Monna eo oa morui o lokela ho bolaoa!’ Eaba Nathane o re ho Davida: ‘Monna eo oa morui ke uena!’ Davida o ile a utloa bohloko ’me a re ho Nathane: ‘Ke sitetsoe Jehova.’ Sebe seo se ile sa bakela Davida le ba lelapa la hae mathata a mangata. Jehova o ile a khalemela Davida empa a se ke a mo bolaea hobane o ile a bua ’nete ’me a ikokobetsa.
Davida o ne a batla ho hahela Jehova tempele empa Jehova o ile a khetha mora oa Davida ea bitsoang Solomone hore ebe eena ea e hahang. Davida o ile a bokelletsa lintho tseo Solomone a tla li hloka ’me a re: ‘Tempele ea Jehova e lokela ho ba ntle. Solomone o ntse a le monyenyane, kahoo ke tla mo thusa ho bokella lintho tseo a tla li hloka.’ Kahoo, Davida a fana ka chelete e ngata e le hore ho hahoe tempele. O ile a batla batho ba tsebang ho haha. A bokella khauta le silevera ’me a lata mapolanka Tire le Sidone. Pele Davida a shoa, o ile a fa Solomone moralo oa hore na a hahe tempele joang. A re ho eena: ‘Jehova o itse ke u ngolle lintho tsena. Jehova o tla u thusa. U se ke oa tšoha. E-ba sebete ’me u sebetse.’
“Motho ea patang liphoso tsa hae a ke ke a atleha empa ea li bolelang ’me a li bakela o tla hauheloa.”—Liproverbia 28:13