THUTO EA 48
Mora oa Mohlolohali o Tsosoa Bafung
Nakong ea komello, Jehova o ile a re ho Elia: ‘E-ea Sarepta. U tla fumana mohlolohali ea tla u fa lijo.’ Ha Elia a fihla hekeng ea motse, a fumana mohlolohali e mong ea futsanehileng a ntse a bokella patsi. A mo kopa metsi. Ha mohlolohali eo a il’o mo latela metsi, Elia a re: ‘Ke kopa u ntlele le bohobe.’ Empa mohlolohali eo a re: ‘Ha ke na bohobe boo nka u fang bona. Ke na le phofo le oli e lekaneng ’na le mora oa ka feela.’ Elia a re ho eena: ‘U se ke oa tšoenyeha. Jehova o tšepisitse hore haeba u ka nketsetsa bohobe, phofo le oli ea hao li ke ke tsa fela ho fihlela pula e na.’
Kahoo, mohlolohali eo a ea hae ’me a etsetsa moprofeta oa Jehova bohobe. Mohlolohali eo le mora oa hae ba ile ba lula ba e-na le lijo nakong ea komello feela joalokaha Jehova a tšepisitse. Phofo ea bona le oli ha lia ka tsa fela.
Eaba ho etsahala ntho e ’ngoe e bohloko. Mora oa mohlolohali eo a kula hoo a ileng a shoa. Mohlolohali eo a kopa Elia hore a mo thuse. Eaba Elia o nka moshanyana eo matsohong a hae, a ea le eena kamoreng e ka holimo. A mo beha betheng eaba oa rapela o re: ‘Jehova, ke kopa u tsose ngoana enoa.’ Na oa tseba hore na ke hobane’ng ha oo e bile mohlolo o ikhethang? Hobane ho ea kamoo re tsebang kateng, ha ho motho ea neng a kile a tsosoa bafung pele ho moo. Hape, mohlolohali eo le mora oa hae e ne ebile e se Baiseraele.
Leha ho le joalo, moshanyana eo o ile a tsoha. Elia a re ho mohlolohali: ‘Bona, mora oa hao oa phela.’ O ile a thaba haholo ’me a re ho Elia: ‘U fela u le monna oa Molimo. Ke tseba sena hobane u bua feela seo Jehova a u bolellang hore u se bue.’
“Shebang makhoaba, ha a jale peo, ha a kotule ebile ha a na litoro kapa moo a bokellelang lijo teng empa Molimo oa a fepa. Na ha le bohlokoa haholo ho feta linonyana?”—Luka 12:24