Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 49 leq. 118-leq. 119 ser. 2
  • Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jezebele—Mofumahali ea Khopo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Jehu o Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Cheseho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ena ke Nako ea ho Etsa Qeto
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • O Ile a Mamella ha a ne a Tšoaroa ka ho Hloka Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 49 leq. 118-leq. 119 ser. 2
Basebeletsi ba Jezebele ba mo lihela ka fensetere

THUTO EA 49

Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo

Morena Akabe o ne a khona ho bona tšimo ea morara ea monna e mong ea bitsoang Nabothe a le fensetereng ea ntlo ea hae ea borena e Jezriele. Akabe o ne a batla tšimo eo ea morara ’me a re Nabothe a mo rekisetse eona. Empa Nabothe a hana ho mo rekisetsa eona kaha Molao oa Jehova o ne o hanela batho ho rekisa masimo ao ba a fuoeng. Na Akabe o ile a utloisisa hore Nabothe o ne a etsa se nepahetseng? Che. Akabe o ile a koata haholo. O ne a koatile hoo a neng a sa batle ho tsoa ka kamoreng ebile a hana ho ja.

Mosali oa Akabe ea bitsoang Jezebele ea neng a le khopo o ile a re ho eena: ‘U morena Iseraele. U lokela ho fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang. Ke tla u fumanela tšimo eo.’ Eaba o ngolla baholo ba motse mangolo, o re ba qose Nabothe ka hore o rohakile Molimo ’me o lokela ho bolaoa ka ho tlepetsoa ka majoe. Kahoo, baholo bao ba bolaea Nabothe joalokaha Jezebele a ba bolelletse ’me Jezebele a re ho Akabe: ‘Nabothe o shoele. Joale tšimo ea morara ke ea hao.’

Jezebele o ile a bolaea Nabothe a se na molato ’me o ile a ’na a bolaea le batho ba bang ba bangata ba ratang Jehova. O ne a rapela melimo ea litšoantšo hape a etsa le lintho tse ling tse mpe. Jehova o ile a bona lintho tsohle tse mpe tseo Jezebele a li etsang. O ile a etsa’ng ka seo?

Ka mor’a hore Akabe a shoe, mora oa hae ea bitsoang Jorame e ile ea e-ba morena. Jehova o ile a roma monna e mong ea bitsoang Jehu ho ea otla Jezebele le ba lelapa la hae.

Jehu o ile a palama koloi ea hae a ea Jezriele, moo Jezebele a lulang teng. Jorame le eena a kena koloing ea hae a mo khahlametsa ’me a re: ‘Na u tlile ka khotso ho rona?’ Jehu a re: ‘Ho ke ke ha e-ba le khotso hafeela ’mè oa hao Jezebele a ntse a etsa lintho tse mpe.’ Jorame a leka ho baleha. Empa Jehu a mo hlaba ka lerumo ’me a shoa.

Jehu o re ba lihele Jezebele fatše

Ka mor’a moo, Jehu a ea ntlong ea borena ea Jezebele. Ha Jezebele a utloa hore Jehu o tseleng, a itlotsa ka makeup, a ikhabisa moriri ’me a ema fensetereng e mokatong o ka holimo. Ha Jehu a fihla, Jezebele a mo buisa hampe. Eaba Jehu o re ho basebeletsi ba Jezebele ba emeng le eena fensetereng: ‘Mo liheleng fatše!’ Kahoo, ba mo sutumetsa eaba o oela fatše o oa shoa.

Ka mor’a moo, Jehu a bolaea bara ba Akabe ba 70 ’me a felisa borapeli ba Baale naheng eo. Na oa bona hore Jehova o tseba lintho tsohle le hore ka nako ea hae e loketseng, o fana ka kotlo ho batho ba etsang lintho tse mpe?

“Ha motho a fumana maruo ka meharo, a ke ke a thaba qetellong.”—Liproverbia 20:21

Lipotso: Jezebele o ile a etsa’ng ho nka tšimo ea Nabothe ea morara? Ke hobane’ng ha Jehova a ile a otla Jezebele?

1 Marena 21:1-29; 2 Marena 9:1–10:30

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela