Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 50 leq. 120-leq. 121 ser. 5
  • Jehova o Sireletsa Josafate

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Sireletsa Josafate
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Josafate o Tšepa Jehova
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • “Ntoa Hase ea Lōna, ke ea Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Chesehela Ntlo ea Jehova!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Lihuoa Kahlolo Khohlong ea Kahlolo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 50 leq. 120-leq. 121 ser. 5
Morena Josafate le Balevi ba tsoa Jerusalema ba tsamaea ka pel’a masole ba ntse ba bina

THUTO EA 50

Jehova o Sireletsa Josafate

Morena oa Juda ea bitsoang Josafate o ile a felisa lialetare tsa Baale le litšoantšo tse rapeloang naheng eo. O ne a batla hore batho ba tsebe melao ea Jehova. Kahoo, a romela babusi le Balevi libakeng tsohle tsa Juda hore ba rute batho melao ea Jehova.

Lichaba tse haufi li ne li tšaba ho hlasela Juda kaha li ne li tseba hore Jehova o tšehetsa batho ba hae. Kahoo, tsa tlisetsa Morena Josafate limpho. Empa Bamoabe, Baammone le batho ba lichaba tse ling ba tsoang sebakeng se lithaba sa Seire, ba tla ho tla hlasela Juda. Josafate o ne a tseba hore o hloka thuso ea Jehova. Kahoo, a bokella banna, basali le bana Jerusalema. A rapela ka pel’a bona a re: ‘Jehova, re kopa u re thuse. Re kopa u re bolelle hore na re etse’ng.’

Eaba Jehova o re ho bona: ‘Le se ke la tšoha. Ke tla le thusa. Emang libakeng tsa lona ’me le bone ha ke le pholosa.’ Jehova o ile a ba pholosa joang?

Ka le hlahlamang hoseng, Josafate o ile a khetha libini ’me a re li tsamaee ka pel’a masole. Eaba ba tloha Jerusalema ba ea ntoeng e neng e loaneloa sebakeng se bitsoang Tekooa.

Ha libini li ntse li rorisa Jehova ka pina, Jehova o ile a loanela batho ba hae. A ferekanya Baammone le Bamoabe hoo ba ileng ba qala ho bolaeana ’me ha se ke ha e-ba le ea mong oa bona ea phonyohang. Empa Jehova a sireletsa batho bohle ba Juda. Batho ba lichaba tsohle ba utloa seo Jehova a se entseng. Kahoo, ba tseba hore Jehova o ne a sirelelitse batho ba hae. Empa Jehova o sireletsa batho ba hae joang? Ka litsela tse ngata. Ha a hloke thuso ea batho.

“Ho ke ke ha hlokahala hore le loane. Le eme feela ’me le bone ha Jehova a le pholosa.”—2 Likronike 20:17

Lipotso: Morena Josafate e ne e le motho ea joang? Jehova o ile a sireletsa Juda joang?

2 Likronike 17:1-19; 20:1-30

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela