Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 57 leq. 138-leq. 139 ser. 1
  • Jehova o Roma Jeremia ho ea Bolela Molaetsa oa Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Roma Jeremia ho ea Bolela Molaetsa oa Hae
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jeremia ha aa ka a Tlohela ho Bua ka Jehova
    Ruta Bana ba Hao
  • “Nke ke ka Khutsa”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • U Tla Khetha Metsoalle ea Mofuta Ofe?
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • “Ke Kentse Mantsoe a ka Molomong oa Hao”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 57 leq. 138-leq. 139 ser. 1
Jeremia o choatla nkho ea letsopa ka pel’a baholo

THUTO EA 57

Jehova o Roma Jeremia ho ea Bolela Molaetsa oa Hae

Jehova o ile a khetha Jeremia hore e be moprofeta Juda. O ile a re a phatlalatse molaetsa oa hae a be a lemose batho hore ba tlohele ho etsa lintho tse mpe. Eaba Jeremia o re ho Jehova: ‘Empa ke sa le moshanyana. Ha ke tsebe hore na ke tla re’ng ho bona.’ Jehova a re ho eena: ‘U se ke oa tšoha. Ke tla u bolella seo u lokelang ho se bua. Ke tla u thusa.’

Jehova o ile a re Jeremia a bokelle baeta-pele ba sechaba ’me a choatle nkho ea letsopa ka pel’a bona ebe o re: ‘Jerusalema e tla felisoa ka tsela ena.’ Ha Jeremia a etsa seo Jehova a itseng a se etse, baeta-pele bao ba halefa haholo. Eaba moprista e mong ea bitsoang Pashkure o otla Jeremia ’me a mo kenya litlamong tsa mapolanka. Kahoo, Jeremia a qeta bosiu kaofela a sa khone ho sisinyeha. Ha Pashkure a mo lokolla hoseng, Jeremia a re: ‘Ke utloile ho lekane. Nke ke ka hlola ke bolela molaetsa oa Jehova.’ Empa na o ile a khaotsa ho o bolela? Che. Ha Jeremia a nahanisisa ka taba ena, o ile a re: ‘Molaetsa oa Jehova o nchesa joaloka mollo. Nke ke ka khaotsa ho o bolela.’ Kahoo, Jeremia a tsoela pele ho lemosa batho.

Ho ile ha feta lilemo tse ngata, eaba ho ba le morena e mocha Juda. Baprista le baprofeta ba bohata ba ne ba sa rate molaetsa oa Jeremia. Eaba ba re ho bara ba morena: ‘Monna enoa o lokela ho shoa.’ Kahoo, Jeremia a re: ‘Haeba le mpolaea, le tla be le bolaea motho ea se nang molato. Ke le bolella molaetsa oa Jehova, eseng oa ka.’ Ha bara ba morena ba utloa seo, ba re: ‘Ha re na lebaka la ho bolaea monna enoa.’

Kahoo, Jeremia a tsoela pele ho bolela molaetsa oa Jehova empa bara ba morena ba halefa haholo. Ba kopa morena hore a bolaee Jeremia. Eaba morena eo o re ba ka etsa ntho leha e le efe eo ba e batlang ka eena. Kahoo, ba nka Jeremia ba mo lahlela ka sekoting se tebileng se nang le seretse, ba nahana hore o tla shoa. Jeremia a qala ho teba ka seretseng.

Ebede-meleke le banna ba bang ba ntša Jeremia ka sekoting

Joale molaoli oa lekhotla ea bitsoang Ebede-meleke a ea ho morena ’me a re: ‘Bara ba hao ba akhetse Jeremia ka sekoting! Haeba re mo tlohela ka moo, o tl’o shoa.’ Kahoo, morena a re Ebede-meleke a nke banna ba 30 ’me ba ntše Jeremia ka sekoting. Le rona re lokela ho tšoana le Jeremia hobane ha aa ka a lumella letho hore le mo thibele ho bolela molaetsa oa Jehova.

“Batho bohle ba tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka empa ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholoha.”—Matheu 10:22

Lipotso: Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a mamela Jehova, le hoja a ne a le monyenyane? Ke bo-mang ba ileng ba leka ho thibela Jeremia hore a se ke a bolela molaetsa oa Jehova?

Jeremia 1:1-19; 19:1-11; 20:1-13; 25:8-11; 26:7-16; 38:1-13

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela