Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 58 leq. 140-leq. 141 ser. 3
  • Jerusalema ea Timetsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jerusalema ea Timetsoa
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boprofeta bo Buang ka Mesia—Sefate se Seholo sa Kedare
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Ho Sebeletsa Molimo “Karolong e Qetellang ea Matsatsi”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Part 3—Babylona e Matla—’Muso oa Boraro o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Jehova o Tla Putsa e Mong le e Mong ho ea ka Mesebetsi ea Hae
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 58 leq. 140-leq. 141 ser. 3
Jerusalema le tempele lia chesoa

THUTO EA 58

Jerusalema ea Timetsoa

Batho ba Juda ba ne ba fetohela Jehova ka makhetlo a mangata ’me ba rapela melimo ea bohata. Jehova o ile a leka ho ba thusa ka lilemo tse ngata. O ile a romela baprofeta ba bangata hore ba ba lemose, empa ha baa ka ba mamela. Ho e-na le hore ba mamele baprofeta, ba ne ba ba soma. Jehova o ile a etsa’ng ho felisa borapeli ba bona ba litšoantšo?

Morena oa Babilona, e leng Nebukadnezare, o ne a ntse a hapa linaha tse ngata. O ile a hapa Jerusalema ’me a isa Morena Jojakine, bara ba hae, masole le batho ba etsang mesebetsi ea matsoho Babilona. A boela a nka matlotlo ’ohle a ka tempeleng ea Jehova. Ka mor’a moo, Nebukadnezare a etsa Tsedekia morena oa Juda.

Qalong Tsedekia o ne a mamela Nebukadnezare. Eaba baprofeta ba bohata le batho ba linaha tse haufi ba khothaletsa Tsedekia hore a fetohele morena oa Babilona. Empa Jeremia a mo eletsa a re: ‘Haeba u fetohela morena oa Babilona, batho ba tla bolaoa, ho be le tlala hammoho le maloetse Juda.’

Ka mor’a hore Tsedekia a buse ka lilemo tse robeli, a fetohela morena oa Babilona. O ile a kopa masole a Egepeta hore a mo thuse. Kahoo, Nebukadnezare a romela masole a hae hore a hlasele Jerusalema, eaba a hloma litente ho pota-pota motse. Jeremia a re ho Tsedekia: ‘Jehova o re ha u ka inehela ho morena oa Babilona, u tla pholoha hammoho le sechaba sa hao. Empa haeba u sa etse joalo, Bababilona ba tla chesa Jerusalema ’me ba u etse motšoaruoa.’ Tsedekia a re: ‘Nke ke ka inehela!’

Ka mor’a selemo le halofo, masole a Babilona a ile a liha marako a Jerusalema ’me a chesa motse. A ile a chesa tempele, a bolaea batho ba bangata ’me a tšoara ba likete.

Tsedekia o ile a baleha Jerusalema, empa Bababilona ba mo lelekisa. Ba mo tšoara haufi le Jeriko ’me ba mo isa ho Nebukadnezare. Morena oa Babilona o ile a etsa hore Tsedekia a bone ha bara ba hae ba bolaoa. Eaba o foufatsa Tsedekia ’me a mo koalla teronkong, moo hamorao a ileng a shoela teng. Empa Jehova a tšepisa Bajuda a re: ‘Ke tla le khutlisetsa Jerusalema ka mor’a lilemo tse 70.’

Ho ile ha etsahala’ng ka bacha ba isitsoeng Babilona e le batšoaruoa? Na ba ile ba lula ba tšepahalla Jehova?

“Jehova Molimo ea Matla ’Ohle, likahlolo tsa hao ke tsa ’nete ’me li lokile”—Tšenolo 16:7

Lipotso: Nebukadnezare e ne e le mang? O ile a etsa’ng ka Jerusalema? Tsedekia e ne e le mang?

2 Marena 24:1, 2, 8-20; 25:1-24; 2 Likronike 36:6-21; Jeremia 27:12-14; 29:10, 11; 38:14-23; 39:1-9; Ezekiele 21:27

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela