Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 59 leq. 142-leq. 143 ser. 5
  • Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bashemane ba Bane Babylona
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Ba Lekiloe—Empa ba Tšepahetse ho Jehova!
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Buka ea Daniele le Uena
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Jehova o Putsa Tumelo le Sebete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 59 leq. 142-leq. 143 ser. 5
Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria ba hana ho ja lijo tsa morena

THUTO EA 59

Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova

Ha Nebukadnezare a hapa likhosana tsa Juda ’me a li isa Babilona, o ile a beha molaoli oa lekhotla ea bitsoang Ashpenaze hore e be eena ea li okamelang. Nebukadnezare o ile a re Ashpenaze a khethe bashanyana ba bohlale le ba phetseng hantle ka ho fetisisa. Ba ne ba tla qeta lilemo tse tharo ba ntse ba koetlisoa. Koetliso eo e ne e tla etsa hore e be liofisiri tse kholo ’musong oa Babilona. Bashanyana bao ba ne ba lokela ho ithuta ho bala, ho ngola le ho bua Seakkadia, e leng puo e neng e buuoa Babilona. Ba ne ba lokela ho ja lijo tseo morena le matona a hae ba li jang. Bashanyana bao ba bane e ne e le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria. Ashpenaze o ile a ba reha mabitso a Bababilona, e leng Beltsatsare, Shadrake, Meshake le Abednego. Na see se ne se tla etsa hore ba khaotse ho sebeletsa Jehova?

Bashanyana bana ba bane ba ne ba ikemiselitse ho mamela Jehova. Ba ne ba tseba hore ha baa lokela ho ja lijo tsa morena kaha Molao oa Jehova o ne o re ha lia hloeka. Kahoo, ba re ho Ashpenaze: ‘Re kopa u se ke oa re fa lijo tsa morena.’ Ashpenaze a re ho bona: ‘Haeba le sa li je ’me morena a ka bona eka lea kula, o tla mpolaea!’

Eaba Daniele o loha leqheka. A re ho eena: ‘Re kopa u re fe meroho le metsi feela ka matsatsi a leshome. Ka mor’a moo, u re bapise le bashanyana ba bang ba jang lijo tsa morena.’ Mohlokomeli eo a lumela.

Ka mor’a matsatsi a leshome, Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba shebahala ba phetse hantle ho feta bashanyana ba bang bohle. Jehova o ile a thaba hore ebe ba mametse Molao oa hae. Kahoo, a fa Daniele bohlale ba ho utloisisa lipono le litoro.

Ha Ashpenaze a qeta ho ba koetlisa, bashanyana bao ba ile ba isoa ho Nebukadnezare. Morena o ile a bua le bona ’me a bona hore Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria ba bohlale ebile ba seli ho feta bashanyana ba bang bohle. Kahoo, a ba khetha hore ba sebeletse lekhotleng la hae la borena. Morena o ne a atisa ho kopa keletso ea bona litabeng tsa bohlokoa. Jehova a etsa hore ba be bohlale ho feta banna bohle ba morena le maselamose.

Le hoja Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria ba ne ba le naheng ea balichaba, ha baa ka ba lebala hore ke batho ba Jehova. Na le uena u tla lula u hopola Jehova, le haeba batsoali ba hao ba le sieo?

“U se ke oa lumella mang kapa mang ho u khella fatše hobane u le mocha. Ho e-na le hoo, u behele ba tšepahalang mohlala ka lerato la hao, tumelo ea hao, bohloeki, tsela eo u buang ka eona le eo u itšoarang ka eona.”—1 Timothea 4:12

Lipotso: Ke hobane’ng ha Daniele le metsoalle ea hae ba ile ba mamela Jehova? Jehova o ile a ba thusa joang?

Daniele 1:1-21

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela