THUTO EA 66
Esdrase o Ruta Batho Molao oa Molimo
Lilemo tse ka bang 70 ka mor’a hore Baiseraele ba khutlele Jerusalema, ba bang ba ne ba ntse ba lula likarolong tse ling tsa ’Muso oa Persia. E mong oa bona ke moprista Esdrase, ea neng a ruta batho Molao oa Jehova. Esdrase o ne a lemohile hore Baiseraele ba Jerusalema ha ba latele Molao, kahoo a ikemisetsa ho ea teng e le hore a ba thuse. Morena Artaseksese oa Persia o ile a re ho eena: ‘Molimo o u file bohlale e le hore u rute batho Molao oa hae. Tsamaea le bohle ba batlang ho tsamaea le uena.’ Kahoo, Esdrase a bitsa Bajuda bohle ba batlang ho khutlela Jerusalema. Ba rapela Jehova hore a ba sireletse leetong le lelelele leo ba tl’o le nka ’me ba kena tseleng.
Ka mor’a likhoeli tse ’nè, ba ile ba fihla Jerusalema. Likhosana tsa re ho Esdrase: ‘Baiseraele ha baa mamela Molao oa Jehova ’me ba nyetse basali ba rapelang melimo ea bohata.’ Esdrase o ile a etsa’ng? O ile a khumama ka pel’a sechaba ’me a rapela a re: ‘Jehova, u re etselitse lintho tse ngata empa re u foselitse.’ Baiseraele ba ile ba re ba bakile empa ba ne ba ntse ba etsa lintho tse fosahetseng. Esdrase o ile a khetha baholo le baahloli hore ba lokise bothata bona. Ka likhoeli tse tharo tse latelang, ba ile ba leleka batho ba sa rapeleng Jehova.
Ho ile ha feta lilemo tse 12. Ka nako eo, marako a motse oa Jerusalema a ile a tsosolosoa. Kahoo, Esdrase a bokella sechaba lebaleng ho se balla Molao oa Molimo. Ha Esdrase a bula buka, sechaba se ile sa ema. O ile a rorisa Jehova ’me sechaba sona sa phahamisa matsoho ho lumellana le eena. Ka mor’a moo, Esdrase a bala Molao a ba a o hlalosa ’me sechaba sa mamela ka hloko. Sechaba sa boela sa lumela hore se lahlile Jehova ’me sa lla. Ka le hlahlamang, Esdrase a boela a se balla Molao. Baiseraele ba hlokomela hore haufinyane ba lokela ho keteka Mokete oa Maphephe. Hang-hang ba qala ho lokisetsa mokete oo.
Baiseraele ba qeta matsatsi a supileng a mokete oo ba thabile ba bile ba leboha Jehova ha a ba hlohonolofalitse ka kotulo e ntle. Mokete oa Maphephe o tšoanang le oo o ne o qetetse ho ba teng mehleng ea Joshua. Ha mokete oo o fela, sechaba sa phutheha ’me sa rapela sa re: ‘Jehova, u re lokolotse bokhobeng, oa re fepa lehoatateng, oa ba oa re fa naha ena e ntle. Empa re ile ra u siteloa ka makhetlo a mangata. Oa romela baprofeta ho re lemosa empa ha rea ka ra mamela. Leha ho le joalo, u ile oa re mamella. Oa phethahatsa tšepiso ea hao ho Abrahama. Joale re u tšepisa hore re tla u mamela.’ Ba ngola fatše seo ba se tšepisitseng ’me likhosana, Balevi le baprista ba se tiisa.
“Ho thaba ba mamelang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka.”—Luka 11:28