Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 68 leq. 162-leq. 163 ser. 1
  • Elizabetha o ba le Ngoana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Elizabetha o ba le Ngoana
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsoaloa Motho ea Tla Lokisa Tsela
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ba Ile ba Putsetsoa ho Tsamaea ka ho Hloka Molato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Melaetsa e ’Meli e Tsoang ho Molimo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Tsoaloa Selelekela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 68 leq. 162-leq. 163 ser. 1
Zakaria o bolella metsoalle le beng ka eena hore lebitso la ngoana e tla ba Johanne

THUTO EA 68

Elizabetha o ba le Ngoana

Lilemo tse fetang 400 ka mor’a hore marako a Jerusalema a tsosolosoe, ho ne ho e-na le moprista ea bitsoang Zakaria le mosali oa hae Elizabetha, ba neng ba lula haufi le motse oo. E ne e se e le khale ba nyalane empa ba se na bana. Ka letsatsi le leng ha Zakaria a ntse a nyehela libano sehalalelong sa tempele, lengeloi Gabariele la itlhahisa ho eena. Zakaria o ile a tšoha empa Gabariele a re ho eena: ‘U se ke oa tšoha. Ke u tliselitse litaba tse monate tse tsoang ho Jehova. Mosali oa hao Elizabetha o tla ba le mora ’me le tla mo reha Johanne. Jehova o khethile Johanne hore a etse mosebetsi o khethehileng.’ Zakaria a mo botsa a re: ‘Ke tla tsebella kae hore u bua ’nete? ’Na le mosali oa ka re se re tsofetse hore re ka ba le ngoana.’ Eaba Gabariele o re ho eena: ‘Ke Molimo ea itseng ke u bolelle litaba tsena. Empa kaha ha u nkholoe, u tla ba semumu ho fihlela ngoana a hlahile.’

Zakaria o ile a qeta nako e telele ho feta eo a tloaetseng ho e qeta a le ka sehalalelong. Kahoo qetellong ha a tsoa, batho ba neng ba le ka ntle ba batla ho tseba hore na ho etsahetse’ng. Empa Zakaria o ne a sa khone ho bua. O ne a khona ho bua ka matsoho feela. Eaba batho baa hlokomela hore Zakaria o boleletsoe litaba tse tsoang ho Molimo.

Ha nako e ntse e ea, Elizabetha o ile a ima ’me a ba le ngoana oa moshanyana, feela joalokaha lengeloi le ne le boletse. Metsoalle le beng ka eena ba tla ho tla bona ngoana. Ba ne ba mo thabetse haholo. Elizabetha a re: ‘Lebitso la hae e tla ba Johanne.’ Ba re: ‘Ha ho na motho ea bitsoang Johanne lelokong la habo lona. Mo rehelleng ka Zakaria, ntate oa hae.’ Empa Zakaria a ngola fatše a re: ‘Lebitso la hae ke Johanne.’ Ka eona nako eo, Zakaria a boela a khona ho bua. Litaba tsa hore Johanne o teng tsa tlala hohle Judea ’me batho ba ipotsa ba re: ‘Ngoana enoa e tla ba eng ha a hola?’

Joale Zakaria a tlala moea o halalelang. A profeta a re: ‘Ho rorisoe Jehova. O tšepisitse Abrahama hore o tla romela Mesia ho re lopolla. Johanne e tla ba moprofeta ’me a lokisetse Mesia tsela.’

Maria ea amanang le Elizabetha le eena o ile a etsahalloa ke ntho e hlollang. A re utloe hore na eena o ile a etsahalloa ke eng khaolong e latelang.

“Ho batho ho ke ke ha khoneha empa lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”—Matheu 19:26

Lipotso: Gabariele o ile a re’ng ho Zakaria? Johanne o ne a tla etsa mosebetsi ofe o khethehileng?

Matheu 11:7-14; Luka 1:5-25, 57-79; Esaia 40:3; Malakia 3:1

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela