Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 71 leq. 168-leq. 169 ser. 1
  • Jehova o Sireletsa Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Sireletsa Jesu
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Banna ba Tataisoang ke Naleli
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Ho Baleha Mohatelli ea Sehlōhō
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu le Balepi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Baleha Motlatlapi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 71 leq. 168-leq. 169 ser. 1
Maria le Jesu e monyenyane ba palame tonki ’me Josefa o tsamaea ka thoko ho bona

THUTO EA 71

Jehova o Sireletsa Jesu

Naheng e ’ngoe e ka bochabela ho Iseraele, ho ne ho lula batho ba lumelang hore linaleli lia ba tataisa. Ka bosiu bo bong, banna ba tsoang Bochabela ba ile ba bona ntho e kang naleli e tsamaea sepaka-pakeng ’me ba e sala morao. “Naleli” eo ea ba isa Jerusalema. Banna bao ba qala ho botsa batho, ba re: ‘O kae ngoana eo e tl’o ba morena oa Bajuda? Re tlile ho tla mo khumamela.’

Morena oa Jerusalema ea bitsoang Heroda o ile a ferekana haholo ha a utloa ka morena eo e mocha. Kahoo, a botsa baprista ba ka sehloohong, a re: ‘Ngoana enoa eo ho thoeng e tl’o ba morena, o lokela ho hlahela hokae?’ Ba re: ‘Baprofeta ba itse o tla hlahela Bethlehema.’ Eaba Heroda o bitsa banna ba tsoang Bochabela ’me o re ho bona: ‘E-eang Bethlehema ’me le fumane ngoana eo. Ha le mo fumane le khutle, le mpolelle hore na o hokae. Le ’na ke batla ho mo khumamela.’ Empa o ne a bua leshano.

“Naleli” eo ea qala ho tsamaea hape. Banna bao ba e sala morao ho ea Bethlehema. Ea fihla ea ema ka holim’a ntlo e ’ngoe ’me banna bao ba kena ka har’a eona. Ba fumana Jesu le ’mè oa hae, Maria. Ba khumamela ngoana ’me ba mo fa khauta, libano tse tšoeu le mira e le limpho. Na ke Jehova ea neng a romme banna baa hore ba ee ho Jesu? Che.

Bosiung boo, Jehova a re ho Josefa ka toro: ‘Heroda o batla ho bolaea Jesu. Nka mosali oa hao le ngoana le balehele Egepeta. Le lule moo ho fihlela ke le bolella hore le khutle.’ Hang-hang, Josefa a nka ba lelapa la hae ba ea Egepeta.

Jehova o ile a bolella banna ba tsoang Bochabela hore ba se ke ba khutlela ho Heroda. Heroda a koata haholo ha a hlokomela hore ha baa khutla. Kaha o ne a sa tsebe hore na Jesu o hokae, a laela hore bana bohle ba bashanyana ba lekanang le Jesu ba Bethlehema ba bolaoe. Empa Jesu o ne a le hole koana Egepeta, a sireletsehile.

Ka mor’a nako, Heroda o ile a shoa. Kahoo, Jehova a re ho Josefa: ‘Joale u ka khutla, ho sireletsehile.’ Josefa, Maria le Jesu ba ile ba khutlela Iseraele ’me ba lula motseng oa Nazaretha.

“Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo . . . ’me joang kapa joang le tla atleha nthong eo ke le rometseng hore le e etse.”—Esaia 55:11

Lipotso: Ke hobane’ng ha Jesu a ne a le kotsing? Jehova o ile a mo sireletsa joang?

Matheu 2:1-23; Mikea 5:2

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela