THUTO EA 80
Jesu o Khetha Baapostola ba 12
Ka mor’a hore Jesu a qete hoo e ka bang selemo le likhoeli tse tšeletseng a ntse a bolella batho ka ’Muso oa Molimo, o ile a lokela ho etsa qeto ea bohlokoa. O ne a tla khetha bo-mang hore ba sebetse haufi le eena? O ne a tla koetlisa bo-mang hore ba etelle pele phutheho ea Bokreste? Jesu o ne a hloka hore Jehova a mo thuse e le hore a etse qeto. Kahoo, a ea thabeng ho ea rapela a le mong bosiu bohle. Eaba hoseng o bitsa barutuoa ba bang ba hae ’me o khetha ba 12 hore e be baapostola. Na u tseba mabitso a bona? Ke Petrose, Andrease, Jakobo, Johanne, Filipi, Bartholome, Thomase, Matheu, Jakobo mora oa Alfiase, Thadiase, Simone le Judase Iskariota.
Andrease, Petrose, Filipi, Jakobo
Baapostola bana ba 12 ba ne ba tla ea le Jesu hohle moo a eang teng. O ile a ba koetlisa ’me ka mor’a moo a ba roma hore ba e’o ruta ba le bang. Jehova o ile a ba fa matla a ho leleka bademona le a ho folisa batho ba kulang.
Johanne, Matheu, Bartholome, Thomase
Jesu o ile a re baapostola ba hae ba 12 ke metsoalle ea hae ’me o ne a ba tšepa. Bafarisi ba ne ba re baapostola ha baa ruteha. Empa Jesu o ne a ba rutile ho etsa mosebetsi. Ba ne ba tla ba le Jesu pele a shoa le ka mor’a hore a tsosoe. Ba bang ba baapostola bana ba 12 ba ne ba tsoa Galilea e leng moo Jesu a neng a tsoa teng. Ba bang ba ne ba nyetse.
Jakobo mora oa Alfiase, Judase Iskariota, Thadiase, Simone
Baapostola ba ne ba sa phethahala ’me ba etsa liphoso. Ka linako tse ling ba ne ba bua ba sa nahana ebile ba etsa liqeto tse fosahetseng. Hape ba ne ba se na mamello. Ba ile ba etsa khang ka hore na ke mang e moholo ho e mong. Leha ho le joalo, ba ne ba rata ho thusa batho ba bile ba rata Jehova. E ne e tla ba bona ba qalang phutheho ea Bokreste ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong.
“Ke le bitsitse metsoalle hobane ke le boleletse lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate.”—Johanne 15:15