Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 82 leq. 192-leq. 193 ser. 2
  • Jesu o Ruta Barutuoa ba Hae ho Rapela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Ruta Barutuoa ba Hae ho Rapela
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Lithapelo Tseo Molimo a li Utloang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Na Re Lokela ho Rapela Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 82 leq. 192-leq. 193 ser. 2
Mofarisi o rapela moo batho ba bangata ba mo bonang ’me baa mo shebella

THUTO EA 82

Jesu o Ruta Barutuoa ba Hae ho Rapela

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Bafarisi ba neng ba e etsa, ba ne ba e etsetsa ho khahlisa batho. Ba ne ba rapela moo ho nang le batho ba bangata hore feela ba ba bone. Bafarisi ba ne ba tšoara lithapelo tse telele ka hlooho ebile ba lula ba li pheta-pheta ka matlong a thapelo le lik’honeng tsa literata tsa motse e le hore batho ba ka ba utloa. Kahoo, batho ba ne ba maketse ha Jesu Kreste a re ho bona: ‘Le se ke la rapela joaloka Bafarisi. Ba nahana hore Molimo o rata ha ba sebelisa mantsoe a mangata empa ha ho joalo. Thapelo ke puisano e lipakeng tsa hao le Jehova. U se ke oa pheta ntho e tšoanang. Jehova o batla u mo bolelle hore na u ikutloa joang.

Moshanyana o khumame oa rapela

‘Le lokela ho rapela tjena: “Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe. ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.”’ Jesu o ile a boela a re ba ka rapella lijo tsa letsatsi ka leng, eng kapa eng eo ba ka e hlokang ho Jehova le hore ba tšoareloe libe.

Jesu o ile a re: ‘Le se ke la emisa ho rapela. Le tsoele pele ho kopa Ntate oa lona Jehova lintho tse molemo. Motsoali e mong le e mong o batla ho fa ngoana oa hae lintho tse molemo. Haeba mora oa hao a kopa bohobe, na u tla mo fa lejoe? Haeba a kopa tlhapi, na u tla mo fa noha?’

Jesu o ile a hlalosa thuto ea sena: ‘Haeba le tseba ho fa bana ba lona limpho tse molemo, na Ntate oa lona Jehova le eena ha a na ho le fa moea o halalelang? Seo le lokelang ho se etsa ke ho mo kopa oona.’ Na u mamela keletso ea Jesu? Ke lintho life tseo u li rapellang?

“Le ’ne le kope, le tla fuoa. Le ’ne le batle, le tla fumana. Hape le ’ne le kokote, le tla buleloa.”—Matheu 7:7

Lipotso: Jesu o ile a re’ng ha a ruta barutuoa ba hae ho rapela? Na u rapella lintho tsa bohlokoa?

Matheu 6:2-18; 7:7-11; Luka 11:13

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela