THUTO EA 84
Jesu o Tsamaea Holim’a Metsi
Ha se feela hore Jesu o ne a khona ho folisa batho ba kulang le ho tsosa bafu empa o ne a khona le ho laola lifefo le pula. Ha Jesu a qeta ho rapela thabeng, o ile a sheba tlase Leoatleng la Galilea a bona sefefo. Baapostola ba hae ba ne ba le ka sekepeng ’me maqhubu a matla a se isa koana le koana. Jesu o ile a theoha a tla leoatleng ’me a qala ho tsamaea holim’a metsi a ea sekepeng sa barutuoa ba hae. Ha ba bona motho a tsamaea holim’a metsi, ba ile ba tšoha haholo. Empa Jesu a re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”
Petrose a re: ‘Morena, haeba kannete ke uena, e-re ke tle ho uena ke tsamaea holim’a metsi.’ Jesu a re ho Petrose: ‘Tloo.’ Har’a sefefo seo, Petrose o ile a tsoa ka sekepeng ’me a qala ho tsamaea holim’a metsi a lebile ho Jesu. Empa eitse ha a ntse a atamela ho Jesu, Petrose a sheba sefefo eaba oa tšoha ’me o qala ho teba. Petrose a hoeletsa: “Morena, mpholose!” Jesu a otlolla letsoho a mo tšoara ’me a re ho eena: “Tumelo ea hao e fokola hakaakang! Ke hobane’ng ha u ile oa belaela?”
Jesu le Petrose ba kena ka sekepeng ’me kapele-pele sefefo sa thola. U nahana hore baapostola ba ne ba ikutloa joang? Ba ile ba re ho Jesu: “Kannete u Mor’a Molimo.”
Lena e ne e se lekhetlo la pele Jesu a laola boemo ba leholimo. Ka lekhetlo le leng, o ne a tsamaea ka sekepe leoatleng le baapostola ba hae eaba Jesu o ea karolong e ka morao ea sekepe oa robala. Ha a ntse a khalehile, ho ile ha e-ba le sefefo se matla haholo. Maqhubu a leoatle a ne a otla sekepe ’me metsi a qala ho kena ka hare. Baapostola ba tsosa Jesu, ba hoeletsa ba re: ‘Mosuoe, rea shoa! Re thuse!’ Jesu a tsoha ’me a bua le leoatle a re: “Khutsa!” Ka eona nako eo, leoatle le sefefo tsa thola tu! Jesu a botsa baapostola a re: “Ke hobane’ng ha le se na tumelo?” Ba qala ho buisana ba le bang ba re: “Esita le sefefo le leoatle lia mo mamela.” Baapostola ba ile ba ithuta hore haeba ba ne ba tšepile Jesu, ba ne ba sa lokela ho tšaba.
“Nka be ke le hokae haeba ke ne ke se na tumelo ea hore ke tla bona kamoo Jehova a leng molemo kateng ha ke ntse ke phela?”—Pesaleme ea 27:13