THUTO EA 87
Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
Bajuda ba ne ba keteka Paseka selemo se seng le se seng ka la 14 Nisane. E ne e le hore ba hopole kamoo Jehova a ileng a ba thusa hore ba tsoe bokhobeng ba Egepeta ’me a ba isa Lefatšeng le Tšepisitsoeng. Ka selemo sa 33 mehleng ea Kreste, Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba keteka Paseka Jerusalema ka kamoreng e ka holimo ea ntlo. Ha ba qeta ho ja, Jesu o ile a re ho bona: “E mong oa lona o tl’o nthekisa.” Baapostola ba ne ba maketse ’me ba botsa Jesu ba re: “Morena, na ke ’na?” Jesu a re: ‘Ke eo ke tla mo fa bohobe bona.’ Eaba o fa Judase Iskariota bohobe. Hang-hang, Judase a ema ’me a tsamaea.
Jesu o ile a rapela, ka mor’a moo a fa baapostola ba hae ba setseng bohobe. A re ho bona: “Nkang, le je. Bohobe bona bo emela ’mele oa ka.” Ka mor’a moo a rapella veine ’me a e fa baapostola ba hae. Eaba Jesu o re: ‘Nkang le noe kaofela ha lona. E emela mali a ka ao ke tla fana ka ’ona e le hore libe tsa lona li ka tšoareloa. Kea le tšepisa hore le tla ba marena ha mmoho le ’na leholimong. Etsang sena selemo le selemo ho nkhopola.’ Balateli ba Jesu ba ntse ba kopana mantsiboeeng a la 14 Nisane selemo le selemo. Hona joale mokete oo o bitsoa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena.
Ka mor’a ho ja, baapostola ba neng ba setse ba ile ba buisana ka hore na e moholo ke mang. Empa Jesu o ile a re ho bona: ‘Ea inkang e le e monyenyane har’a lona, ke eena e moholo.
‘Le metsoalle ea ka hobane ke le boleletse lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate. Haufinyane ke tla ea ho Ntate leholimong. Le tla sala mona ’me haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka. Le lokela ho ratana feela joalokaha ke le rata.’
Qetellong, Jesu o ile a rapela ’me a kopa Jehova hore a sireletse barutuoa ba hae bohle. A boela a mo kopa hore a ba thuse ho sebetsa hammoho ka khotso. A rapella hore lebitso la Jehova le halaletsoe. Ka mor’a moo, Jesu le baapostola ba hae ba binela Jehova ’me ba tsoela ka ntle. Nako ea hore Jesu a tšoaroe e ne e se e le haufi.
“Lona mohlatsoana, le se ke la tšoha hobane Ntate oa lona o thabela ho le fa ’Muso.”—Luka 12:32