Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 94 leq. 220-leq. 221 ser. 1
  • Barutuoa ba Fuoa Moea o Halalelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Barutuoa ba Fuoa Moea o Halalelang
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Letile Jerusalema
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • ‘Ka Lebitso la Moea o Halalelang’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jehova Ke ’Musi oa Rōna!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Batho ba Makholo ba Bona Jesu Pele ho Pentekonta
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 94 leq. 220-leq. 221 ser. 1
Batho ba tlileng Jerusalema ba maketse ha ba utloa barutuoa ba Jesu ba bua ka lipuo tsa bona

THUTO EA 94

Barutuoa ba Fuoa Moea o Halalelang

Matsatsi a leshome ka mor’a hore Jesu a khutlele leholimong, barutuoa ba hae ba ile ba fuoa moea o halalelang. E ne e le ka selemo sa 33 nakong ea mokete oa Pentekonta. Batho ba tsoang linaheng tse ngata ba ne ba tlile Jerusalema ho tla keteka. Barutuoa ba ka bang 120 ba Jesu ba ne ba le ka kamoreng e ka holimo ea ntlo. Ka tšohanyetso, ho ile ha etsahala ntho e makatsang. Ntho e kang lelakabe la mollo e ile ea hlaha holim’a lihlooho tsa barutuoa, eaba ba qalella ho bua lipuo tse fapaneng. Ntlo eo ea tlala molumo o kang oa sefefo.

Baeti ba tsoang linaheng tse fapaneng ba neng ba tlile Jerusalema, ba ile ba utloa molumo oo ’me ba mathela ntlong eo ho ea bona se etsahalang. Ba ile ba makala ha ba utloa barutuoa ba bua lipuo tse fapaneng. Eaba ba re: ‘Empa batho bana ba tsoa Galilea. Ba khona joang ho bua lipuo tsa rona?’

Petrose le baapostola ba bang ba ema ka pel’a batho ba neng ba le teng moo, eaba Petrose o ba bolella kamoo Jesu a ileng a bolaoa kateng le hore Jehova o ile a mo tsosa bafung. Petrose a re: ‘Jesu o leholimong ka letsohong le letona la Molimo ’me o re file moea o halalelang feela joalokaha a ne a re tšepisitse. Ke kahoo le utloileng le ho bona mehlolo ena.’

Batho ba ile ba angoa ka ho teba ke mantsoe a Petrose, eaba baa mo botsa: ‘Re lokela ho etsa’ng?’ O ile a re ho bona: ‘Bakelang libe tsa lona ’me le kolobetsoe ka lebitso la Jesu. Le tla amohela mpho ea moea o halalelang.’ Letsatsing leo ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetsoa. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, barutuoa ba ile ba eketseha Jerusalema. Moea o halalelang o ile oa thusa baapostola ho theha liphutheho tse ngata e le hore ba ka ruta barutuoa lintho tseo Jesu a ba laetseng tsona.

“Haeba u bolela phatlalatsa hore Jesu ke Morena ebile u lumela ka pelong ea hao hore Molimo o mo tsositse bafung, u tla pholoha.”—Baroma 10:9

Lipotso: Ho ile ha etsahala’ng ka selemo sa 33 nakong ea mokete oa Pentekonta? Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ile ba kolobetsoa?

Liketso 1:15; 2:1-42; 4:4; Johanne 15:26

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela