THUTO EA 98
Batho ba Lichaba Tse Ngata e ba Bakreste
Baapostola ba ile ba mamela taelo ea Jesu ea ho ruta batho litaba tse monate lefatšeng lohle. Ka selemo sa 47, bara ba bo rona ba Antioke ba ile ba romela Pauluse le Barnabase hore ba e’o ruta Lentsoe la Molimo. Ba ile ba ruta linaheng tsa Asia Minor tse akarelletsang Derbe, Listra le Ikoniamo.
Pauluse le Barnabase ba ile ba ruta batho bohle, ebang ba baholo kapa ba banyenyane, ke barui kapa mafutsana. Batho ba bangata ba ile ba lumela ho Kreste. Moloi e mong o ile a leka ho thibela Pauluse le Barnabase ha ba ne ba ruta ’musi oa Saeprase ea bitsoang Sergiase Pauluse. Pauluse o ile a re ho moloi eo: ‘Jehova o khahlanong le uena.’ Hang-hang moloi eo a foufala. Ha ’Musi Sergiase Pauluse a bona seo, o ile a fetoha Mokreste.
Pauluse le Barnabase ba ne ba ruta hohle, ka ntlo le ntlo, limmarakeng, litseleng le lisinagogeng. Ha ba le Listra ba ile ba phekola monna ea sa khoneng ho tsamaea. Ha batho ba bona ketsahalo ena ba nahana hore ke melimo eaba ba leka ho ba rapela. Empa Pauluse le Barnabase ba ba thiba, ba re ho bona: ‘Rapelang Molimo a le mong feela! Rona re batho feela ba tloaelehileng.’ Eaba Bajuda ba bang ba khothaletsa batho bana ho loantša Pauluse. Ba ile ba mo otla ka majoe, ba mo hulela ka ntle ho motse eaba ba mo siea moo ba nahana o shoele. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a ntse a phela. Kapele-pele bara ba bo rona ba ile ba fihla ho tla mo thusa ’me ba tsamaea le eena. Hamorao, Pauluse a khutlela Antioke.
Ha Pauluse a khutlela Asia Minor ka selemo sa 49, o ile a etela Europe. A ruta batho litaba tse monate linaheng tse kang Athene, Efese, Filipi, Thesalonika le tse ling. Leetong lena Pauluse o ile a tsamaea le Silase, Luka le mohlankana Timothea. Ba ile ba sebetsa hammoho ho qala liphutheho tse ncha le ho li matlafatsa tumelong. Pauluse o ile a lula Korinthe selemo le likhoeli tse tšeletseng a ntse a thusa bana ba bo rona moo. O ne a ruta a bile a ngolla liphutheho tse ngata. Mosebetsi oa hae e ne e le ho etsa litente. Hamorao a khutlela Antioke.
Ka selemo sa 52, Pauluse o ile a qala leeto la hae la boraro. A qala Asia Minor ho ea Filipi a ba a theohela le Korinthe. Pauluse a lula Efese lilemo tse ngata, a ruta, a folisa batho a bile a thusa liphutheho. Letsatsi le leng le le leng o ne a fana ka lipuo holong ea sekolo. Batho ba bangata ba ne ba mo mamela ’me ba fetola tsela eo ba phelang ka eona. Ka mor’a ho ruta litaba tse monate linaheng tse ngata a ea Jerusalema.
“Ka hona, e-eang le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Matheu 28:19