Selelekela sa Karolo ea 1
Bibele e qala ka ho re phetela pale ea lintho tse bopiloeng. E re bolella ka lintho tse ntle tseo Jehova a li entseng leholimong le lefatšeng. Haeba u motsoali, thusa ngoana oa hao hore a bone lintho tse ngata tse hlollang tse bopiloeng. Mo bolelle hore Molimo o entse motho e le ea phahametseng liphoofolo. Motho eena o tseba ho bua, ho nahana, ho qapa lintho, ho bina le ho rapela. Thusa ngoana oa hao hore a tsebe hore Jehova o matla, o bohlale le hore o rata lintho tsohle tseo a li bopileng, ho akarelletsa e mong le e mong oa rona.