PINA EA 11
Popo e Rorisa Molimo
E Hatisitsoeng
1. Jehova, ntho tseo u li bopileng
Lia paka hore u matla ’ohle.
Re’u rorisa ka baka la tsona
’Me le batho bohle baa li bona.
Re’u rorisa ka baka la tsona
’Me le batho bohle baa li bona.
2. Melao ea hao ea re sireletsa.
Ea re thusa bophelong ba rona.
E molemo ho feta ntho tsohle
’Me e hlalefisa batho bohle.
E molemo ho feta ntho tsohle
’Me e hlalefisa batho bohle.
3. Lentsoe la hao lea re tataisa,
Le re thusa ho thaba kamehla.
U tla fa bohle ba u rorisang
Bophelo bo sa feleng lefatšeng.
U tla fa bohle ba u rorisang
Bophelo bo sa feleng lefatšeng.
(Sheba le Pes. 12:6; 89:7; 144:3; Bar. 1:20.)