PINA EA 86
A re Ithuteng ka Jehova
E Hatisitsoeng
1. Tloong le thabile, ithuteng ka Jehova.
O tla re fa ‘metsi a bophelo’,
Aa re khatholla, aa re phelisa.
O rata ha bohle ba mo tseba.
2. Re se tlohelle ho bokana hammoho.
Ke moo re rutoang thato ea ’Mopi.
Ntate oa rona oa re rupela,
Hore re ’ne re mo sebeletse.
3. Re khothatsoa ke bahlanka ba hao ’Mopi
Ha ba lula ba u tšepahalla.
A re luleng re bokana ’moho
Re lule re ithuta ka Jehova.
(Sheba le Baheb. 10:24, 25; Tšen. 22:17.)