PINA EA 113
Re na le Khotso
E Hatisitsoeng
1. Le rorise Jehova,
Molimo’a khotso.
O tla felisa lintoa,
Ho be le bonngoe.
Kreste, Moren’a rona
O tlisa khotso.
Ha a se a hlotse ntoa,
Re tla ba khotsong.
2. Re tlohetse khalefo
Le tsona likhang
Kaha re na le khotso,
Ha re sa loana.
Haeba re batla khotso,
Re tšoarelane.
Re le linku tsa Jesu,
Re be le khotso.
3. Kaha re na le khotso,
Bohle baa bona
Hore Jehova oa re
Hlo’nolofatsa.
Re mamela Jehova,
Re ba le khotso
Ho fihlela ’Muso’a hae
O busa hohle.
(Sheba le Pes. 46:9; Esa. 2:4; Jak. 3:17, 18.)