Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rr leq. 14
  • Kakaretso ea Ezekiele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kakaretso ea Ezekiele
  • Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea Bibele ea 26—Ezekiele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Ke Nako ea Hore le Felisoe”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ezekiele—II
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ezekiele—I
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
rr leq. 14

LEBOKOSE LA 1B

Kakaretso ea Ezekiele

Buka ea Ezekiele e arotsoe tjena:

Mabokose a mebala-bala. Lebokose ka leng le emela khaolo e itseng ea lengolo la Ezekiele.

KHAOLO EA 1 HO EA HO EA 3

Ka selemo sa 613 pele ho mehla ea Jesu ha Ezekiele a ntse a le botlamuoeng Babilona le Bajuda, o ile a bontšoa lipono ke Jehova a ba a rongoa hore a e’o profetela Bajuda ba lulang pel’a noka ea Kebare.

KHAOLO EA 4 HO EA HO EA 24

Pakeng tsa selemo sa 613 le sa 609 pele ho mehla ea Jesu, Ezekiele o fetisa boprofeta bo buang haholo ka likotlo tse tla tlela Jerusalema ka lebaka la baahi ba eona ba marabele ba rapelang litšoantšo.

KHAOLO EA 25 HO EA HO EA 32

Maqalong a selemo sa 609 pele ho mehla ea Jesu, e leng selemo sa ho qetela ha Babilona e thibetse Jerusalema, Ezekiele o ile a emisa ho fetisa molaetsa oa kahlolo o eang Jerusalema empa a o lebisa ho Ammone, Edomo, Egepeta, Moabe, Filistia, Sidone le Tire.

KHAOLO EA 33 HO EA HO EA 48

Ka selemo sa 606 pele ho mehla ea Jesu ha Jerusalema le tempele ea eona e ntse e le lithako, Ezekiele o bua haholo ka molaetsa o fanang ka tšepo oa hore borapeli ba ’nete ba Jehova Molimo bo tla tsosolosoa.

Buka ea Ezekiele e ngotsoe ho latela hore na lintho li etsahetse neng le hore na ho buuoa ka eng. Boprofeta bo bongata bo buang ka ho timetsoa ha Jerusalema le tempele ea eona bo hlaha pele ho boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete. Taba ena ea utloahala hobane boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete bo supa hore borapeli ba ’nete bo ne bo se bo le sieo.

Ho ekelletsa moo, boprofeta ba Ezekiele bo buang ka lichaba tse neng li hloile batho ba Molimo (bo hlahang khaolong ea 25 ho ea ho ea 32) bo hlaha pakeng tsa melaetsa ea kahlolo e eang Jerusalema le boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete. Ha moithuti e mong oa Bibele a bua ka melaetsa ea kahlolo ea Ezekiele e eang lichabeng tse ling, o ile a re: “Melaetsa ena e latellana ka tsela e hlakileng hobane boprofeta bona bo bua ka nako eo Molimo a neng a halefetse sechaba sa hae ho fihlela a se hauhela. Le taba ea hore Jehova o ile a otla lira tsa Baiseraele e bontša hore o ile a ba hauhela hobane o ne a etsa joalo ho ba lopolla.”

Khutlela khaolong ea 1, serapeng sa 18

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela