Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lmd thuto 1
  • E-ba Motho oa Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Motho oa Batho
  • Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Ile a Etsa’ng?
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?
  • U ka Etsisa Jesu Joang?
  • Qoqa ka Lintho Tse Tloaelehileng
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling, ka ho Qalisa Moqoqo le Batho ka Morero oa ho ba Ruta ka Molimo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Tsebo ea ho Qoqa Kateng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Qala Moqoqo ka Sepheo sa ho Paka ka Tsela e sa Reroang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Bala Tse Ling
Rata Batho u ba Etse Barutuoa
lmd thuto 1

HA U QALA MOQOQO

Jesu o qoqa le mosali selibeng.

Joh. 4:6-9

THUTO EA 1

E-ba Motho oa Batho

Keletso ea Bibele: “Motho ea lerato . . . ha a ichebe boeena feela.”—1 Bakor. 13:4, 5.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

Jesu o qoqa le mosali selibeng.

VIDEO: Jesu le Mosali oa Mosamaria Selibeng

1. Shebella VIDEO kapa u bale Johanne 4:6-9 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1. Jesu o ile a hlokomela eng ka mosali oa Mosamaria pele a qoqa le eena?

  2. Jesu o ile a re: “Ak’u mphe metsi ke noe.” Ke hobane’ng ha tsela eo Jesu a ileng a qala moqoqo ka eona e ile ea atleha?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Haeba re qala moqoqo ka ntho eo motho a e thabelang, re tla qoqa le eena ha monate.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Fetoha le maemo. U se ke oa batla ho tsoela pele ka moqoqo oa ntho eo uena u neng u rerile ho bua ka eona. Qala moqoqo ka ntho eo batho ba amehileng ka eona. Ipotse:

  1. ‘Ho buuoa ka eng litabeng?’

  2. ‘Baahisane ba ka, basebetsi-’moho le ’na kapa batho bao ke kenang sekolo le bona ba rata ho qoqa ka eng?’

4. Sheba maemo. Ipotse:

  1. ‘Motho eo ke buang le eena o ntse a etsa’ng? E ka ’na eaba o ntse a nahana ka eng?’

  2. ‘Liaparo tsa hae, chebahalo ea hae kapa ntlo ea hae li mpolella eng ka bolumeli ba hae kapa ka setso sa hae?’

  3. ‘Na ee ke nako e loketseng ea ho bua le eena?’

5. Mamela.

  1. U se ke oa bua haholo.

  2. Mo fe monyetla oa hore a bue ka lintho tseo a amehileng ka tsona. Botsa lipotso haeba ho loketse.

U KA BOELA OA SHEBA

Mat. 7:12; 1 Bakor. 9:20-23; Bafil. 2:4; Jak. 1:19

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela